Diphoofolo tse Hlaha tsa Richtersveld

Diphoofolo tse Nyantshang tsa Richtersveld

©Jacques Marais
Ka mefuta ya diphoofolo tse nyantshang tse jang diphoofolo, Richtersveld e na dithamahane, dihikgwi, thoane le nkwe (le hoja tsena di sa fumanehe haholo). O boetse o fumana diphokojwe, Mopheme, phojwe e ditsebe tsa mankgane, qwabi le dinakedi (tse bitswang di zorilla). Mefuta e meng ya diphoofolo tse nyantshang e kenyelletsa mesha (di suricate), tshipo e matheba a masesane le mefuta e mengata ya metodi (kapa ke letodi?). Ditshwene di emelwa ke ditshwene le dikgabo (tse fumanehang haholo mabopong a Orange River).
Bo mankgane, metswere, diroto, ditweba, meutlanyana le matswete a tlwaelehile haholo ho Richtersveld. Tsena di kenyelletsa tadi, tadi ya muru wa karoo, tadi e molodi ya Brant (!), round-eared elephant shrew, tweba e metsero, le tweba ya long-tailed pygmy, le Namaqua rock mouse, ditadi tsa difate, Matshwaratsela, red rock rabbit ya Smith, Lesamane, Dune molerat ya Namaqua, le molerat e tlwaelehileng, pela (hyrax), tadi ya pela (e sa amanang le pela) le dinoko. Matswete a kenyelletsa letswete la mohatla o mokgutswanyane la Namaqua le letswete la maoto a bohwete. Hape ho na le palo e phahameng ya mefuta ya bo mankgane.

Dihahabi

©Jacques Marais
Ka mefuta-futa ya dihahabi (tse dikgetla) le diphoofolo tse phelang naheng le metsing (tse thellang), ditsebi tsa dihahabi di tla thabela mefuta e fapa-fapaneng ya mefuta e tshwanang le ho phalla ka Richtersveld. Tsena di kenyeletsa sekolopata se senyane ka ho fetisisa lefatsheng, Namaqua kapa kgudu (e hodileng e ka bang 100mm ka bolelele). O boetse o fumana kokote le kgudu ya Namaqua. Mekgodutswane e kenyelletsa Nile Monitor e kgolo (kapa waterlikkewaan), Karoo girdled lizard, armadillo girdled lizard, Smith’s desert lizard le e sa tlwaelehang ya Cape flat lizard.
Ha o bua ka mampetje le dichecheiki, o fumana lempetje la Namaqua (le phunyeletsang dithapong tsa majwe, ho ena le ho dula difateng), checheiki ya Namib e maoto a kopaneng, checheiki e kgolo ya fatshe, checheiki ya lehwatata ya Smith, checheiki ya Austin’s dune, checheiki e sa tswa sibollwa e monwana e lekgasi, hammoho le mekgodutswane e seng mekae. Bakeng sa boholo ba yona, sebaka sena se emela e nngwe ya dichecheiki tsa mefuta-futa tse ruileng ka ho fetisisa lefatsheng.
Dinoha di batla di sa tlwaelehe, empa tse teng di matla haholo. Tsena di kenyeletsa masumu a tshwelang botsho le dihlopha tse sa tshwaneng tsa marabe (thamaha, horned adder, desert mountain adder le Namaqua dwarf adder).

Dinqanqane le Dinonyana

©Nigel J Dennis
Ha ho na mefuta e mengata ya diphoofolo tse pelang naheng le metsing ka Richtersveld, kaha hangata diphoofolo tsena di hloka metsi bakeng sa ho ikatisa. Leha ho le jwalo, ho na le mefuta e 8 ya dinqanqane, eo bongata ba yona e tsejwang hore e ipate ka tlasa lehlabathe mme e hlaha hang feela ka mora dipula tse ngata. Tsena di kenyelletsa senqanqane sa Karoo, senqanqane sa pula sa Namaqua se kotsing ya ho fokotseha le senqanqane sa Paradeise se sa tswa fumanwa. Ho hlaha ka tshohanyetso ha dihoho ka mora pula e matla ho entse hore ho be le tshomo ya sebaka seo dihoho di hlileng di isang sebakeng seo ka maru a tswang ka lewatleng.
Ho phaella moo, mefuta e fapa-fapaneng ya linonyana (197) e boetse e fumanwe ka hara sebaka sa ho boloka dibaka tsa Ai-Ais/Richtersveld Trans-frontier Conservation Area. Tsena di fumanwa haholo mabopong a Orange, haufi le dibethe tse omeletseng tsa dinoka le dithabeng tsa dithaba. Di kenyelletsa le Phakwe, Mamphako, Ntsu e ntsho, Sehihi, Ntsu e jang tlhapi, Seodi, Mojadipela, Seotsanyana, kgajwane, Kgwale ya Kapa, ptjemptjete, Makgorwane, Mmaborokwane, Ntetekeng, tlo-nke-tsoho, Pupupu, Hlaka-hlotwana, Hlakahlotwana, Letlerenyane, Letswanafike, Semote, dusky sunbird, se ja notshi, mohetle (e utlwahalang e le motho e moholo ya ditshila), Semanama, Diinodi tse sa tshwaneng, Mafokotsane a seng makae le dimtjhe tse mmalwa tse sa tsitsang (tseo hona jwale di leng karolo ya morero o moholo wa ho hlahisa temo).

Translated by Bongani Matabane