Tshimo ya Richtersveld

Mefuta-futa ya Dintho tse Phelang e Hlollang

©Jacques Marais
Mefuta-futa ya dintho tse phelang ya Richtersveld le Namaqualand e ya tsoteha. Empa ena ke sebaka se omileng ka karolelano ya selemo pula e ka bang 150 mm, e leng se etsang hore e be lehwatata. Hape ho chesa haholo, ha mocheso wa lehlabula o atisa ho nyolohela ka dikgato tse 50. Ka hona, sebaka se jwalo se ke keng sa qojwa se ka hlahisa lefa la mofuta o jwalo wa dimela jwang?
Hantle, ho na le maemo a mmalwa a lehodimo a rerileng ho etsa Edene ena e sa lebellwang. Ntho ya pele ya bohlokwa eo o ka e nahanang ke serame sa Benguela Current, se phallelang ka nqa botjhabela ho ya lebopong le ka bophirimela la sub-continent. Benguela e tswa sebakeng sa Antarctic, moo metsi a futhumetseng a Atlantic a kopanang le Lewatle la Southern Ocean. Seboka sena se etsa hore metsi a futhumetseng a phodile mme a tebe, a baka 'metsi nyolohe' a batang, a nang le dimatlafatsi a tswang tlaase ho mawatle a ka borwa. Meya e matla e tswang South Atlantic ya anticyclone system e tsamaisa metsi ana a batang ho ya fihla Cape of Good Hope le lebopong le ka bophirimela. E qetella e phalletsa lebopong la Angola, ha e kopana le maqhubu a futhumetseng a equator.

Empa Benguela Current

Benguela Current e na le tshusumetso e matla tikolohong ya sub-continent. Metsi a ruileng a nang le dimatlafatsi a tshehetsa setoko se seholo sa ditlhapi tsa pelagic, tseo ka nako eo e leng matshwao a tshehetso, dinonyana tsa metsi le bophelo bo bong ba diphoofolo tsa metsing. Sebaka se batang sa metsi, se nang le dikgato tse hlano tse phodileng ho feta metsi a lebopong la lewatle, ho boetse ho lekanyetsa hore na ho na le mouwane ofe o ka bang teng. Ka lebaka leo, pula e haufi le lewatle le ka bophirimela e tlaase mme hona jwale ho na le phello ya 'ho hlakisa' sebakeng seo.
Empa Benguela Current e na le tshebetso e kgolo ka hore e na le phello e tsitsitseng sebakeng seo. Meya e phodileng e hlabang lewatleng e leka-lekana mocheso wa lebanta la lebopo la lewatle, kahoo dipula ha di chese haholo mme mariha ha a bate haholo. Leha ho le jwalo, ka lebaka la dithaba, moya ona wa lewatle ha o kene ka hare ho mocheso wa hare le wa lehlabula ho Richtersveld o ka nyoloha ka hodimo ho dikgato tse 40.
Benguela current ke mohlodi wa dikgohola tse teteaneng, tse nang le mongobo o dulang o tswa lebopong. Mohodi ona o boima, o tsejwang e le malmokkies kapa !hurries ke ntho ya moo, o boptjwa ha moya o nang le mongobo o fofela ka bophirimela mme o phodile ka metsi a batang. Sena se qobella moya o mofuthu hore o kenelle ka mohodi o teteaneng o welang hodima dithapo tse lebopong la lewatle, o kwahela dimela ka botle bo botle ba mongobo. Haholo-holo dikgweding tsa hwetla, ha lebelo la moya le fokola, ena malmokkies e etsahala hangata mme karolo ya bohlokwa ya ho ba le pelehi ya sebaka seo.

Malmokkies

©Roger DelaHarpe
Ho tshepahala ha malmokkies e tlatsitswe ke mokgwa o hlollang wa pula kamehla. Ho fapana le dibaka tse ding tsa lehwatata, Namaqualand ha e utlwe nako e telele ya komello. Kahoo, le hoja pula e le tlaase, e dula e le teng mme sena se dumella dimela hore di ntlafatse bophelo ba tsona. Mabaka a potoloho ena ya nako e telele ha e utlwisiswe hantle.
Boemo ba ho qetela ba boemo ba lehodimo ba bohlokwa bo tshehetsang tikoloho ya Namaqualand ke Moya wa Berg o theohelang hare ho Afrika Borwa mariha. Ketsahalo ena e bakwa ke disele tse phahameng tsa kgatello ya moya o omeletseng o theohelang sehlabeng se phahameng. Hona jwale moya o hulela mekgwa e tlaase ya kgatello e lebopong la lewatle, e leng se etsang hore e potlakele matswapong a dithabeng. Ha e theoha diphuleng, moya o futhumetse mme wa fetoha moferefere. Phello ke mocheso o chesang, o omileng o phallelang mabopong a lewatle. Namaqualand le Richtersveld, meya ena ya Berg e etsa mocheso o futhumetseng wa mariha o dumellang dimela le diphoofolo hore di hlahise le ho ikatisa.

Translated by Bongani Matabane