George Bizoas, ya neng a tsebahala ka molwanedi wa kgatello nakong ya kgethollo, a tsebahala e le karolo ya sehlopha se kenyeletsang leburu Bram Fischer, ya neng a tswa Orange Free State Boer President, o ile sireletsa Mandela ho tseding dinyewe tsa bohlokwa tsa disentjhuru tsa 20, e leng Revonia Trial.
Moqolotsi Debora Patta, o ile a hopotsa Bizoso hore o hlomphuwa haholo ka ho ‘boloka Mandela le basebetsi mmoho le yena ho kahlolo ya lefu’, mme o re ‘ke fuwa tlotla e kgolo haholo’.
Bizos o hlalosa hore tsotello ya hae e hlahile ha Nelson Mandela a ne a etsa puo ya histori pele a ahlolelwa lefu. O ile a kgathatseha hore mantswe ana a kanna a fetola moahlodi bakeng sa kahlolo ya lefu. Bizos o a hlalosa, ‘tlatseletso yaka feela pheletso ya leano e entswe, ke ho kgatswa ke puo eo a neng a e hlophisitse, ho shwella seo a kgolwang ho sona.
Ke ile ka buisana le yena mme kare, ‘wa tseba Nelson mohlomong e ka nna yaba e hlaloswaka tsela e fosahetseng hore o batla ho shwella seo o se dumelang. O nale bonnete ba hore o batla ho phela mme o thabele seo o se emalang le seo o batlang ho ba sona.
Bonneteng, ke seo o lokelang ho sehlalosa. ‘Mme o ile a nka keletso yaka a lokisa karolo ya ho qetela a re, ‘ mme ha ho hlokahala, ke ikemiseditse se shwella’. Ke karolo eo ke e bapetseng eo feela.
Qetellong o ile a fana ka puoa le fatshe, ka letswe le lekantsweng, puo ya Mandela ka hare ho boema kepe e ne e utlwahala e ka o ka lekgotleng la dinywewe. ‘Ke ile ka lwantsha kgatello ya makgowa, mme ke ile ka lwantsha kgatello ya batho ba batsho.
Ke ile ka boha le ho rata mohopolo wa tokoloho le setjhaba se lokolohileng moo batho bohle ba tlang ho phela mmoho ka kgotso le menyetla e lekanang. Ke mohoplo oo ke neng nka ba letshepo ya ho o phelela le ho bona, empa Modimo waka, ha ho lokela ke molemo oo nka o shwelang’.
Patta o a botsa, ‘O ne o ikutlwa jwang ha ba ne ba fumana bophelo?’ Bizos o a araba, ‘Ho wa makatsa. E ne e le tokoloho. Ke nnete, ho ahlolelwa bophelo tjhankaneng ha seo o ka se thabelang.
Empa kaofela re ne re na le bonnete ba hore a keke a e qeta kahlolo eo. Bohlo ba bona ba ile ba qeta bophelo ba bona.Bizo o ile a phethela ka moo a bonang Nelson Mandela ka teng le balwanedi ba bang ba tokoloho a neng e na le bona, ka moo aneng a bonahala ka teng e ne e le mokokotlo wa bona.
O ne a ikgantsha ka yena, o a hlalosa: ‘Ho faneng ka dikeletso tseleng eo e fetileng, ke bahale. Baemedi ba bapala karolo ya bobedi. Ho ba moemodi ya matla o hloka moreki ya matla mme ke bile lehlohonolo ho feta tseleng ena le banna ba matla, banna ba sebete, ba sa inahaneleng bo bona le basadi ba neng ba inehetse ho lahla tokoloho ya bona.
Taba ya hore ke fuwe monyetla waho bapala karolo ya bobedi bophelong ba bona ke so ke ikgantshang ka sona’.
Translated by Sibongile Sonopo