Mandela ka Advocate George Bizo

Boithaupi ba ya ka sehloohong

©Eric Miller

Ke mang monna enwa a kgothatsang batho ba bangata? Advocate George Bizo,ya tsebileng Mandela bakeng sa halofo ya sentjhuri mme a mo emela ho Rivonia Trial dilemong tsa bo 1960 qalong, e leng e entseng hore Mandela a kwalle dilemo 27, eo a hlaloswang dilemong tseo a le molele, a shebahala ebile a apara hantle, a na le boitshepo, moithaopi ya ka sehloohong, a nkileng karolo e kgolo ho lwantshe tokolo le ho etsa Alexandra le Freedom Squer Soweto.

Bizo o ile a buwa ka boholo ka kamano ya hae le Mandela ha a ne a le lenaneong la e-TV le Debora Patta lenanong la Third Degree ka 5 Phupjane 2007. Ho bolela Bizo, ‘e ne ele motho eo oka mo hlomphang ka botho ba hae le ho thabela boteng ba hae. O ne a tsebahala jwalo ka moetapele wa batjha wa ANC.

O thabiswa ke maikutlo a Mandela

Debora Patta o ile a hlahisa hore Bizo bukeng ya hae Oddysser to Freedom, e hlalosa Mandela e motho ya sokang a phomola, o ne a tla apara sutu letsheare lohle mme o ne a dula a le maphata phate le batshwaruwa ba molao o tlwaelehileng, o ne a tswela pele le nakong ya ho tshwarwa ha hae. Ka nnete! Bizo o a araba.

Ho bontsha kopano ya batho ba hatelletsweng, “re keke ra kgona ho ba le diphapang dipakeng tsa rona, batjha ka ho otloloha, re tsepamisitse maikutlo ho bona”. Bizo o ile a hlalosa ka moo mmuso kgethollo o neng o sebetsa ka teng.’Ba ne ba nahana hore ha ba kwalla batshwaruwa ba polotiki ka bo mong Robben Island ba senya tswelo pele. Athe ba ne ba fositse.

Nneteng ba butse sekolo bakeng sa balwanedi ba tokoloho hobane ha ba se ba qetile nako ya bona, ba tswile ba kgahluwe ke maikutlo a Mandela le boetapele ba hae, mme e ne e le nako ya ho nka bohato kgahlano le ba ka hodimo.

Setswalle le Mandela

Debora Patta o a mmotsa, ‘ke eng seo ka se boleng haholo ka setswalle sa hao le Mandela?’ Bizo o a araba: Hantle , o mpontshitse tsela ya tlhompho.

Tshepo ya hae bokamosong, ya hore ka letsatsi le leng batho bohle ba Afrika Borwa ba tla lokoloha, le makgowa a tla lokoloha ho mohopolo ona o ba nang le ona. Ho tshepahala setswalleng, bathong ba tshwanang ba e ntshitseng sehlabelo le ho ba le tumelo ya hore re tla lokoloha bophelong.

Translated by Sibongile Sonopo

George Bizos and Nelson Mandela

Bizos o hlalosa hore tsotello ya hae e hlahile ha Nelson Mandela a ne a etsa puo ya histori pele a ahlolelwa lefu....more