Ditsela tsa ho Itshireletsa e le ho Qoba ho Tshwaetswa ya Coronavirus

Hlapa Matsoho a Hao
Hlapa matsoho a hao hantle ka sesepa.
Hlapa ka hodima diatla tsa hao, pakeng tsa menwana le kahara manala.
Kamehla hlapa matsoho ka sesepa pele o ja le kamora ho ba dibakeng tsa setjhaba.

Bohlweki Mmeleng
Kwahela molomo wa hao ka thishu ha o kgohlela kapa o ithimola.
Qoba ho ama sefahleho sa hao ka matsoho a ditshila ka nako tsohle.
Ebang o tlameha, netefatsa hore o hlapa matsoho a hao hantle ka sesepa pele. 

O se ke wa Arolelana Dijo le Disebediswa tsa ho ja
Dikokwanahloko di ka fetisetswa dithipeng, diferekong, dikgabeng le mahlakaneng a ho nwa.
Sebedisa feela disebediswa tsa ho ja tse hlwekileng mme o se arolelane dino.
Kamehla hlwekisa matsoho a hao pele o ja.

Bona Ngaka ha o sa Phela Hantle
Matshwao a tlwaelehileng a kenyeletsa ho kgohlela, mamina, feberu le ho fellwa ke moya.
Ebang o na le a mang a matshwao ana, bona ngaka ka potlako.
Letsetsa kliniki kapa ngaka pele o ya mme o ba tsebise ka matshwao a hao le nalane ya hao ya bohahlaudi.

NOMORO YA THUSO YA NICD YA DIHORA TSE 24: 0800 029 999

Translated by Maletsatsi Sejake