Dihlopha Tsa Mmoane

©Marinda Louw

Bukeng ya hae, Psychedelics Encyclopedia, Peter Stafford o bolela hore boholo ba ditsebi ba dumellana hore ho na le bonyane dihlopha tse tharo tsa dimela tsa Cannabis tse fapanang ka tlwaelo ya kgolo, peo, dithupa le dikateng tsa boreku (cannabanoid).

Dihlopha Tsa Mmoane Le Cannabis

©Craft Sense

Cannabis sativa L. ke sehlotshwana sa cannabis se tsejwang e le mmoane. Mefuta e na le THC e tlase ho 0.3%. Mmoane (hemp) ke mofuta wa cannabis o sa ameng kelello. Sehlopha se sibolotswe China mme se arotswe ka 1753 e le Cannabis sativa Linnaeus, se rehellwa Carl Linnaeus, setsebi sa dithuto tsa dimela sa Sweden. Sehlopha sena se hlahisa dikgwele tse matla, tse holang ho fihla ho bolelele ba 5m mme se loketse peo ya mmoane le tlhahiso ya dikgwele. 

Cannabis indica Lamarck ke semela se sekgutshwanyane se kgolo e motsullope mme ha e a lokela tlhahiso ya kgwele. Cannabis indica kapa matekwane a na le boemo bo hodimo ka ho fetisisa ba boreku bo amang kellello ba THC ka botebo ba 18% ho isa ho 38%. 

Sehlopha sa boraro, Cannabis ruderalis se ile sa hlwauwa ka 1924 Siberia moo se holelang thoteng. Sehlopha sena, se holelang ka hodimonyana feela ho bolelele ba 60 cm, se na le sekgahla se senyane kelellong mme se hola ka botlalo dibekeng tse 7. Peo ya C. ruderalis e ile ya sebediswa mesebetsing ya diphupu ho tloha pele ho 450 pele ho Kreste.

Mofuta wa C. sativa - o ile wa phatlalatswa pele lefatsheng lohle, mohlomong ka lebaka la dikgwele tsa teng tse nang le thuso le peo ya teng e jehang.

Mefuta Ya Mmoane

K’holetjhe ya University of Kentucky ya tshebeletso ya kopanelo e eketsehileng ya Temo, Dijo le Tikoloho, e eletsa dihwai tsa mmoane ho etsa dipatlisiso ka mefuta e fapaneng ya mmoane ho itshetlehilwe ka karolo ya semela sa mmoane seo ba batlang ho se kotula. Dikarolo e ka ba dikgwele bakeng sa masela le thepa ya ho aha, peo ya mmoane bakeng sa tlhahiso ya oli kapa dikarolo tsa semela bakeng sa tlhahiso ya oli ya CBD. 

Dikgwele tse telele tsa sethatong tsa mmoane tse ka mahlakoreng dithupeng tsa mmoane di sebediswa bakeng sa metswako, tiiseletso, masela, mokedikedi le pampiri. Dikgwele tsena tse matla tsa ka mahlakoreng di hoketswe thupeng e bohareng ka pectin, a leng k’habohaedreiti e qhibidihang. 

Lehong la patsi la thupa ya mmoane (thibella) le sebediswa bakeng sa thepa ya ho aha, mafura a diesel, moalo wa diphoofolo le masalla a dimela. Dipalesa le mahlaku di sebediswa ho tlhotlwa oli ya CBD ya boreku bakeng sa meriana le tshebediso ya tsa bophelo.

Mehlala e itseng ya mmoane wa indasteri e sebediswa tlhahisong e ikgethang ya dihlahiswa; peo ya mmoane, dikgwele le tshebediso e habedi e hlahisang ka bobedi dikgwele le peo. Mehlala ya mmoane e sebediswang habedi ha e hlahise ho lekana le kapa boleng bo lekanang le ba mefuta ya tshebediso e le nngwe.

Translated by Maletsatsi Sejake