Boleng ba Mobu bo Ntlafatswa Jwang

© Colette Kessler (USDA, NRCS South Dakota)
Boleng ba mobu bo bonahala ka motswako wa lehlabathe, mobu o bobebe le makumane a letsopa.
Mobu o lehlabathe o makumane a maholo, a mahwashe mme a tshwarella metsi a manyane le dimatlafatsi tse fokolang. Ka lehlakoreng le leng la ditaba, ke mobu o letsopa o makumane a manyane. Hangata mobu o letsopa o boima, o momme metsi a mangata ebile ho thata ho lema ho ona, empa o ka ba le dimatlafatsi tse ngata. Pakeng tsa mobu o lehlabathe le o letsopa ke metswako ya mobu o lehlabathe-o nonneng-o letsopa, oo e leng oona o loketseng ho jalwa ha boholo ba dimela.
Ho kgothaletswa ho kgetha dimela tse loketseng mobu wa hao. Mohlala, difate, dipalesa tsa rosa, moroho wa spinach, bete, anyanese le dijo-thollo di ka phela hantle haholo mobung o letsopa mme ha e le dimela tse kang dihwete, moroho wa radish, ditapole, tamati le poone di rata mobu o batlang o le bobebe, o lehlabathe.
Ke dihwai tse mmalwa tse nang le mobu o phethahetseng ho ka jala. Boholo ba dihwai bo a sokola ka mobu o fokolang,o ommeng ebile o sa nona kapa o le metsi a mangata haholo hape ba sokola le ka mobu o boima. Ka lehlohonolo, ho na le mekgwa ya ho ntlafatsa boleng ba mobu le sebopeho sa oona, hangata ka ho tshela ntho tse putisang tsa tlholeho le dimela tse sireletsang.

Ho Ntlafatsa Mobu o Lehlabathe

Ho ntlafatsa mobu o lehlabathe, mobu o hloka hore o kgone ho tshwarella dimatlafatsi tse ngata. Dihwai tse ding di sebedisa lerole la mashala kapa ‘biochar’. Sesebediswa sena se monya dimatlafatsi mme se di lokollele mobung ka boiketlo. Se kopanngwa le moitedi wa phoofolo o motjha ebile o kolobile ebe o tlohelwa dibeke tse 2-3 kaofela. ‘Biochar’ e ka nna ya kopanngwa le monontsha o mokedikedi mme le oona o tlohelwe dibeke tse 2-3. Dihwai tse ding di tswaka ka baktheria e putisang kapa lerole la lejwe (ebang ho hlokeha) moo leroleng la mashala hang pele le kenyeletswa mobung.
Tshebediso ya manyolo a seng a putile mobung o lehlabathe, ho ka fepela dimatlafatsi ka monyebe. Ho molemo ho tshela hangata kgafetsa, ho na le ho tshela haholo ka nako e le nngwe. Ho kgothaletswa ho tsetella manyolo ka botebo mobung o lehlabathe, a se dule mobung o ka hodimo. Le ha ho le jwalo, ho sebediswa ha lera le sireletsang ka hodimo, ho ka thibela mouwane le ho fokotsa kgoholeho ka moya.
Thibela ho fula ho tlola tekanyo mobung o lehlabathe. O ka mpa wa kuta furu mme wa e fepa mehlape.

Ho Ntlafatsa Mobu o Letsopa

©Jason Miller (USDA National Resources Conservation Service)
Mobu o letsopa o tletse dimatlafatsi, empa ebang pH ya oona e le hodimo kapa tlase haholo, dimatlafatsi di ke ke tsa qhibidiha hore metso e kgone ho di monya. Ho ya ka semela sa hao, ebang pH e le ka tlasa 6-e le esete haholo-lokisa mobu ka gypsum kapa kalaka ya temo. Mobu oo pH ya oona e leng ka hodima 7.5 o ka fokotswa pH ka ho tshela sulphur ya mobu.
Ho ntlafatsa tsela eo metsi a kenellang ka yona mobung o letsopa, etsa ditutudu tsa ho jala.
Kenyeletsa ntho tse putisang tse kang masalla a dimela, mahlaku, jwang bo kutilweng, le manyolo a bodileng. Sena ha se no eketsa feela dimatlafatsi mobung o letsopa empa ho tla thusa hape le ho fokotsa boima ba sebopeho sa mobu o letsopa. Ho jala dimela tse sireletsang le hona ho tla ntlafatsa sebopeho sa mobu o letsopa.

Moitedi wa Diphoofolo le Sebopeho sa Mobu

©Ron Nichols (USDA National Resources Conservation Service)
Dinonobetsane di thusa ho bopa mobu ka ho kopanya ntho tse putisang tsa tlholeho le makumane a mobu. Hape, di ja le makumane a mobu, di a kopanye le dithollo tse ding tse nnyane tsa mobu mme di a ntshe e le mantle a dinonobetsane. ‘Manyolo a dinonobetsane’ a bitswa vermicast.
Moitedi o bodileng ka ho phethahala wa diphoofolo, dikgomo le bommaditshibana ke oona o o tlwaelehileng ka ho fetisisa ho ntlafatsa sebopeho le boleng ba mobu. Ebang ho kgoneha, kgetha manyolo ho ya ka dimela.
Moitedi wa pere o na le dimatlafatsi tsa sethatong mme o loketse meroho e holang ka potlako jwaloka broccoli, cauliflower le lettuce.
Moitedi wa kgomo o na le nitrogen e hodimo mme o sebedisetswa ho lengwa ha meroho e dihaba, e metala jwaloka moroho wa spinach le lettuce.
Moitedi wa bommaditshibana o na le nitrogen e bohale ebile e le hodimo. Yona e lokile haholo hore e ka tswakwa le mobu o lehlabathe ho etsa mobu o tshwarelle metsi nako e telele ebile o loketse meroho e metala, e dihaba.

Translated by Maletsatsi Sejake