Athrixia e Bitswa Hape Tee ya Bushman

© JMK

E bitswa hape tee ya Bushman (English) Boesmanstee (Afr.), Icholocholo, itshelo, umthsanelo (isiZulu), Athrixia phylicoides ka makgasi a bonolo a yona botala bo lefifi le palesa ya daizy e tummeng tshimong ebile e le semela sa selehae.

Tshebediso ya setso e kenyeletsa ho ritelwa jwalo ka tee (ho ntlafatsa tee ya MaBushman), e hlafunwa bakeng sa ho fodisa diso tsa mmetso ke Basotho le MaXhosa, ha MaVenda a nwa moro wa metso ho ntsha dikokwanahloko. Kutu, makgasi a ebotsweng a entswe lefielo. E ne e sebediswa hape ho hlwekisa madi, e laola hloho le ho kgakgatsa bakeng sa tshwaetso ya mmetso le lentshwe le tjheleng. Dikarolong tse ding tsa Afrika e ka Borwa ho dumelwa hore ke e fana ka takatso ya motabo.

Ho nale tsebo e nyane feela e teng ya hore e nale metswako e tebela dikokwana le fungi e teng ho Athrixia, le ha hole jwalo tshebediso ya yona ya setso e bontsha kgoneho ya ho lwantsha dikokwanahloko. E ne e sebediswa hape ho laola mafu a pelo, tswekere, letshollo le ho laola mafu a thobalano.

Diphuputso tsa Afrika Borwa di bontsha kamano e tlaase e fumanehang oling ka tatso ya vanilla, caramel le manyepa. Le ha hole jwalo, monko ona o monate ha o matla ho ka sebediswa ho Athrixia industering ya dinkgisa monate, empa e kaba le kopo jwalo ka tatso e kgonehang dijong le dinong. Makgasi a nale boleng ba kgwebo jwalo ka dikhemikhale tse kopantsweng bosiyo ba caffeine teeng ya ditlama.

Haholo e kotulwa ka bohlaha, ho nale dimela tse tsa kgwebo tse seng kae tse fumanweng e le dibaka tsa teko KwaZulu-Natal, Mpumalanga le profinsi ya limpopo Afrika Borwa. Sehlahla se hola ka bohlaha dikarolong tsa botjhabela ba Afrika Borwa mme e fumaneha majweng le dilomong, merung ho ya mahwatateng. Ho ikatisa ho tswa ho kgaoleng, e thata e rata letsatsi le felletseng.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.

Translated by Sebongile Sonopo