Ho Fafatsa ka Polokeho

© Louise Brodie
Mafu le dikokonyana tse senyang di lokela ho thibelwa kapa di lalolwe ka tsela enang le boikarabelo mme ha ya lokela ho ama sebaka kapa batho hamper. Nakong ya taolo ya mafu le dikokonya a ho lokela hore ho hopolwe phano ya polokeho le tlhahiso ya dijo. Ka hoo, maikutlo a lokelwa ho tsepamiswa homokgwa tikoloho le kamohelo ya batho polasing. Hore sena se atlehe, ho lokelwa ho latela metjha e latelang ya taolo ya mafu le dikokonyana ha o fafatsa:
Basebetsi ba tla kenang taolong ya dikokonyana tse senyang ba lokela ho ba tlasa boikwetliso.
Ha o sebetsana le dikhemikhale, basebetsi ba lokelwa ho ba sedi ka nako tsohle.
Ba lokela ho bala dileibole ka hloko
Basebetsi ba lokela hlokomela disebediswa.
Ba lokela ho apara diaparo tse loeketseng le disebediswa.
Ha ba lokela ho ja, ho nwa kapa ho tsuba ha ba tswaka kapa ba tlotsa dikhemikhale.
Seke wa tswara sefahleho kapa letlalo ka matsoho a tshwaetsehilng mme o hlape matsoho pele o ja.
Hlatswa diovarole kathoko, o se dikopanye le diaparo tse ding mme o seye lapeng ka diaparo tse silafetseng.
Thibella mehlodi ya metsi ho silafala, seke wa tshela dikhemikhale ka letamong kapa molatswaneng.
Taolo ya tse shweleng le kokonyana tse senyang dilokelwa ho bolokwa ka nako tsohle ho ya ka taelo mme ho lokelwa ho lekanyetswa phumaneho ya dikhemikhale.
Etsa bonnete ba hore ditsebitso tsa polokeho di teng ka dipou tse hlokehang.
Disebediswa tsa thuso ya pele le tse lwantshang mollo di lokela ho ba teng bakeng sa tshilafalo.
Thibela tshebediso e nngwe ya dikantini tsa dikhemikhale ka ho etsa sekoti ka mora ho e sebedisi.
Etsa bonnete ba hore batho ba dulang sebakeng sena ba tsebiswa ka letsatsi la ho fafatsa. Kwala menyako le fesetere mme tlose diaparo terateng. Basebetsi ba lokela ho se behe diterekere malapeng a bona le maqhutsi a fafatsang mme bana ba lokela ho se bapalle hodima maqhutsu a fafatsang. Basebetsi ba se kuke bana ha ba apere diaparo tse silafetseng ha ba ya lapeng ho lo ja dijo tsa motsheare hobane khemikhale e ka kenella letlalong. Disebediswa tsa ho fafatsa di lokela ho ya tlhatlhobong ya bongaka selemo le selemo.

Translated by Sebongile Sonopo