Dikokonyana tse Senyang tsa Morara

© Louise Brodie

Dikokonyana tsa Dithungthung

Dikokonyana tsa dithungthung bonahala jwalo ka ditho tsa diboko ka tla maekroscope tse fafaditsweng moyeng, dinonyana le sebediswa tsa semela se silafaditsweng. Ho thata ho di bona kantle le ho di hodisa le mariha ka hara palesa. Ho nale mefuta e meraro ya dikokonyana tsa dipalesa tse ba teng tshimong ya morara tseo e leng dikokonyanatsa dithungthung, ho ikharela ha lekgasi le dikokonyana tsa semela se shweleng, moo dikokonyana tsa dithungthung di etsang tshenyo e kgolo.
Haholo holo Hanepoot le Cabernet Sauvignon e utlwiswa bohloko ha bonolo ke dikokonyana tsa dithungthung. Matshwao a kenyeletsa kgolo e matswedingtsweke, makala a morara a holofetseneg le dukutwana tse kgutswane mmoho le ho phatloha ho sa lebellwang ha dithungthung.
A mang a matshwao ka ferekanywa le kgahello ya diminerale, ke ka hoo ho lokelwang ho etswa diphuputso ho netefatsa boteng ba dikokonyana tsa di thungthung ka dimicroscope. Boemong ba tshilafatso e ngata ho keke ha eba le dthingthung e tabohang empa ha dithunya, makgasi a kapa dihlopha tsa merara di ka senyeha.
Taolo ya dikhemikhale bakeng sa ho sireletsa selemong se latelang elokelwa ho etswa bakeng sa selemo se latelang ka mora hore thungthung e petsohe ha dikokonyana di ya kgolong e ntjha. Nako e bohlokwa jwalo ka ha dikokonyana di siya thungthung nakwana feela. Ka mora hore thungthung e petsohe, ha letlobo lele 10 – 15cm ka bolele, di fafatse ka ho teba ka tjhefu ya dikokonyana. E lokelwa ho phethwa hape ka mora matsatsi a 14.

Mafu a Dimela a Dinta

Mafu a dimela a dinta ke mefuta e tshwang le dikokonyan tsa dithungthu le makgasi a difate tsa morara. Sena se baka ho ruruha ho hlahelletseng kapa diso tlase lekgasing. Katleho ya lekgasi ka lebaka lena le ameha haholo. Tshebediso ya Sulphur ho bolaya fungi kgahlano le oidium e ka thusa ho laola mafu a dimela.

Translated by Sebongile Sonopo