Vaerase ya Coronavirus e ata Jwang

O lokela ho utlwisisa ntho e le nngwe hore vaerase ya COVID-19 Coronavirus e ata jwang.

Di-vaerase tsa corona ke sehlopha se seholo sa divaerase tse ka bakang tshwaetso ya phefumoloho tse kang sefuba ho ya ho mafu a matla a kang lefu la Botjhabela Bohareng la Phefumoloho (Middle East Respiratory Syndrome - MERS) le lefu le matla la nako e kgutshwanyane la ho phefumoloha (Severe Acute Respiratory Syndrome (SARS).

Vaerase e ata ho marothodi (a tswang ho motho ya kulang - a kgohlela kapa a ithimola), a kena: mahlong, nkong le molomong wa hao.

Jwale, ebang o bona motho ya bonahalang a kgohlela / ya ithimola / a kula, o ka kgetha ho:
Emella hole le yena. (0.5 m ho ya ho 2m e tla o sireletsa marothoding a maholo).
Qoba matshwele. (Batho ba tshwaeditsweng ba ka nna ba se be le matshwao empa ba ntse ba ka tshwaetsa).

Ka nako tse ding mathe a motho ya kulang a ba nthong tse ding - matsoho, mamati, disebediswa, dikopi, dipene, mehwele le disebediswa tsa ho ja.

Mme ha o ka ama e nngwe ya dintho tsena ka phoso, ebe o ama sefahleho sa hao, wa pikitla mahlo kapa difahleho tsa bao o ba ratang, le ka kula kaofela.

Translated by Maletsatsi Sejake