Tsamiso ya Dijalo tsa Sepinichi

© Eric Miller

Potoloho ya Dijalo

Ke mokgwa o motle wa ho fetola dijalo ha o hlahisa Sepinichi ho thibela tse senyang dijalo le malwetse a sepinichi. Ho potoloha ka mokopu, dinaoa, dierekisi, lettuce, tamati, ditapole le k'habeche.

Ho Hlahisa (dithane ka hektare)

Tlhokomelo: dithane tse 15 Kakaretso: dithane tse 20 Molemo: dithane tse 30+

Kotulo

Kotulo e atisa ho etswa ka letsoho ka dithipa tse bohale kapa disekele tse nyane tse nang le dibaka tse nyane kapa mesebetsi ya temo. Sena se nolofalletsa balemi ho kotula nako e telele mme kahoo ba eketsa chai. Kgaola feela makgasi a ka ntle ka dimilimithara tse 40 ka hodima lefatse. Sena se tlameha ho etswa kgafetsa bakeng sa ho kgothalletsa kgolo le ho eketsa chai. Ditshebetsong tse kgolo tsa kgwebo ho na le dinako tse ding tse entsweng ka mokgwa wa mechine. Ditshebetsong tsena tse kgolo tsa dimela tsa semela le tsona di phahame haholo.

Polokelo

Sepinichi ha se bolokehe hantle mme se lokela ho bolokwa ka nakwana hang ka mora hore kotulo e kgonehe. Diphetho tse molemo ka ho fetisisa di mocheso wa 4°C le ho Mongobo o hodima 85%. Sepinichi se lokela ho bolokwa tlasa sehatsetsing matsatsi a 7 pele se sebediswa ho netefatsa sehlahiswa sa boleng. Kahoo sehlahiswa se tlameha ho fihla ho bareki kapele ka mora kotulo kamoo ho ka kgonehang.

Tse Senyang Dijalo

Nematodes, Kgofu, Cutworm, Aphids, Slugs, Hawaiian Beet Worm, Loopers, Leaf Miners le popane.

Malwetse

Leaf spot, Spinach Blight, Mosaic virus, Downy Mildew, Curly top, White Rust le Powdery Mildew.

Translated by Bongani Matabane