Tsamaiso ya Solotsi

© Louise Brodie

Potoloho ya Dijalo

Ho hotle ho potoloha ka dijalo tse ding tse kang dijo-thollo, di allium le meroho e makgasi. Ho hlahisa (dithane ka hektare)

Tlhokomelo: dithane tse 15
Kakaretso: dithane tse 20
Molemo: dithane tse 30+

Kotulo

Kotulo e qala ho tloha matsatsing a ka bang 90 ka mora ho lema peo kapa matsatsi a ka bang 30 kamora ditholwana. Kotulo ha letlalo la ka ntle la solotsi kapa lekgapetla le qala ho thatafalla. O se ke wa tlohela mongobo hore o butswe ka botlalo pele o ketha kaha sena se emisa tlhahiso ya dipalesa mme e fokotsa dihlahiswa. Kgaola kapa o tlose solotsi e nang le karolo e nyane ya lehlaka e kgomaretsweng ha sena se lelefatsa bophelo ba sethala le polokelo. O se ke wa senya letlalo kaha sena se kgothalletsa mafu le ho bola. Kotulo e ka tswela pele ka nako ya kgwedi. Bahlahisi ba bang ba dumella semela hore se tswele pele ho thunyana mme se ka kotulwa ka nako e telele mme sa hlahisa dijalo tse pedi ha se lengwa.

Polokelo

Solotsi e ka bolokwa ka dikgwedi tse tharo ka dikamoreng tse nang le moya o lekaneng wa moya le phallo pakeng tsa ditholwana. Pele o boloka mahlasedi a tlameha ho phekolwa hantle. Sena se etswa tshimong ka matsatsi a ka bang 12 hafeela ho se na pula mme boemo ba leholimo bo futhumala ebile bo omme kapa ka dikamoreng tse nang le ho futhumala ha maiketsetso mocheso wa hoo e ka bang 26°C le mocheso o lekanyeditsweng wa 80%. Ka mora ho phekola bosiu, mocheso wa nako e telele wa ho boloka o lokela ho ba 10°C ho ya ho 11°C ka mocheso o lekanyeditsweng wa 70%.

Tse Senyang Dijalo

American bollworm, Red spider, pumpkin fly, ladybird, vine borers, aphids, nematodes

Malwetse

Anthracnose, Downy mildew, Fusarium, Powdery mildew, Leaf spot, Sclerotinia, Fruit rot, Mosaic virus
Ho bohlale ho fumana keletso e tswang ho ofisiri e ka sehloohong katolosong ya moo kapa moeletsi wa dikhemikhale bakeng sa lenaneo la tshireletso ya dimela le ho laola malwetse.

Translated by Bongani Matabane