Tsamaiso ya Dijalo tsa Brinjal

© Louise Brodie

Potoloho ya Dijalo

Brinjal e lokela ho potoloha le dijalo dife kapa dife tso e seng solanaceous (tseo e seng - lelapa la tse kang meroho la dimela) ho lwantsha pokello ya tse senyang dijalo le malwetse.

Ho Hlahisa (dithane ka hektare)

Tlhokomelo ya dikhemikhale: dithane tse 12
Kakaretso: dithane tse 20
Molemo: dithane tse 30 +
Bahlahisi ba fokolang dimela ka mora kotulo ya pejana dibakeng tse futhumetseng nakong ya hwetla ba ka fumana sehlahiswa sa bobedi selemong sena ho hlahisa dithane tse fetang 40 ka hektare

Kotulo

Kotula ho qala ho tloha dibeke tse leshome ho tloha ho lema le ho tswelapele ka dikgwedi. Ditholwana di kotulwa ka dithipa kapa dikgahla. Ha ditholwana di le mebala e sa tshwaneng mme letlalo le fetoha lehlasedi ke nako ya ho qala ho kotula. Kamehla ho kgetholla ho kgothalletsa ditholwana tse behilweng ka dipalesa hamorao le ditholwana tse sa butswang di potlakisa. Ditholwana di ka hlatswa ka metsi a hlatsoitsweng ka metsi ka ho tsamaiswa ebe di kenngwa dikotong tsa ho rekisa. Tlhokomelo e lokela ho nkwa e le hore e se ke ya senya letlalo kaha sena se kgothalletsa ho bolawa ha kotulo.

Polokelo

Brinjal e lokela ho bolokwa bakeng sa palo e kahodimodimo ya matsatsi a 14 ka ho pota 10°C ka phahameng mongobo e lekanyeditsweng.
Brinjal e senyeha haholo hoo e lokelang ho rekiswa kapele kamoo ho kgonehang ka mora kotulo.

Tse Senyang Dijalo le Malwetse

Dikokonyana tse kgolo: Root-knot Nematodes, Red spider mite, Cutworm, American bollworm, Tip-wilters, leaf-eating beetles, le Aphids.
Malwetse a maholo: Bacterial wilt, Verticillium wilt, Powdery mildew, Anthracnose and other fungal leafspot diseases, Tobaco Ring Spot Virus and Botrytis.
Bakeng sa malwetse le taolo ya dikokonyana, ho molemo ho sheba setsebi sa hao sa dikhemikhale le disebedisuwa bakeng sa lenaneo le sireletsang dikokonyana le dikokwana-hloko.

Translated by Bongani Matabane