Tlhahiso ya Di-Litchi

© Bruno Navez

Di-litchi ke ditholwana tsa tropike tse tswang China mme di lenngwe moo ka mengwahakgolo e mengata. Le hoja Afrika Borwa, ka selemo se setle, e ka ba e mong wa bahlahisi ba litchi ba 10 ba ka sehloohong lefatsheng lohle ka tlhahiso ya ditone tse 8 000, e sa le morao haholo ho China ka ditone tse 200 000, eo e bileng tlhahiso ya bona ya 2018.

Dibaka tsa Tlhahiso ya Litchi Afrika Borwa

Di-litchi di hola hantle dibakeng tse tjhesang, tse mongobo mme di hloka serame Afrika Borwa, haholoholo dikarolong tse leboya-botjhabela tsa Afrika Borwa. 

Tlhahisong ya di-litchi Afrika Borwa, 60% e tswa Lowveld sebakeng sa Mpumalanga metseng ya toropo e kang Nelspruit, Hazyview le Malelane. 38% e nngwe ya di-litchi tsa Afrika Borwa e tswa Limpopo - Tzaneen e leng motse-toropo o ka sehloohong o hlahisang litchi - mme tse setseng ho tswa dibakeng tse ding jwaloka profense ya KwaZulu-Natala.

Sebaka se felletseng se moo ho lenngweng di-litchi Afrika Borwa e ne e le 1 124 hektara ka 2016.

Dinako tsa Selemo tsa Litchi Afrika Borwa

Nako ya selemo ya litchi Afrika Borwa e qala bohareng ba Mphalane dibakeng tsa tlhahiso ya pele tsa Malelane le Komatipoort tse Mpumalanga, e phahame ka Tshitwe mme e fele ka Hlakola ha ditholwana di kotulwa Nelspruit, Tzaneen le Louis Trichardt.

Dipalopalo ya Litchi Afrika Borwa

Ha ho shejwa dipalopalo tsa tlhahiso ho tswa tlalehong ya Lefapha la Temo, Meru le Tshwaso ya Dihlapi, ‘South African Litchi Market Value Chain’ e phatlaladitsweng ka 2017 e senotse hore tlhahiso ya selemo le selemo ya ditone tse 8 411, e ka bang 55% e ile ya rekiswa kantle ho naha mme 32% ya sebetswa. Phapang ya 13% e ile ya rekiswa mebarakeng ya Afrika Borwa, boholo ba yona ka bahwebi ba sa ngodiswang. Ho rekisweng kantle ho naha, ke 90% e yang Europian Union, haholo Netherlands. 

Boleng ba ho rekiswa kantle ho naha ba litchi ka 2016 e ne e le R 760 milione. 

Dimela tsa 2018/2019 tsa ditone tse ka bang 4 800, di ne di le tlase haholo ha ho bapiswa le ditone tse 10 400 tse hlahisitsweng ka 2017/2018. Sena ke ka lebaka la maemo a lehodimo a neng a le mabe ka nako ya ho thunya ha difate, ho beha ditholwana le tswelopele ya ditholwana dibakeng tsa tlhahiso ya pele Mpumalanga.

Tlhahiso ya Pele Lefatsheng ka Bophara

Ke tlhahiso ya litchi e ka bang 96% ya lefatshe lohle e tswang karolong e ka leboya ya lefatshe mme China, Taiwan, Vietnam, Thailand le India e le bahlahisi ba ka sehloohong. China ke mohlahisi ya ka sehloohong lefatsheng mme e na le seabo sa 70% sa tlhahiso lefatsheng lohle.

Africa, Australia le Madagascar ke bahlahisi ba karolo e ka borwa ya lefatshe. Australia e na le nako e telele ka ho fetisisa ya tlhahiso mme e ka hlahisa di-litchi ho tloha ka Mphalane ho fihlela mathwasong a Mmesa ha Madagascar e le morekisi e moholo ka ho fetisisa wa di-litchi ho Yuropa. Boholo ba tlhahiso ya di-litchi ya Malgasy bo tswa difateng tse holang ka bohlaha mme di se na tjhefu e bolayang dikokwanyana.

Nalane ya Temo ya Di-Litchi

Di-litchi di hlaha dikarolong tse borwa tsa China le leboya la Vietnam mme esale di lengwa moo ka mengwahakgolo. Di nametse India ka dilemo tsa 1700 mme mohlomong tsa namela Bophirima kamora ho sibollwa China ke morumuwa wa Poland. Temo ya litchi e qadile West Indies ka 1775 mme e ne e lengwa sekgeleng sa dijalo Britain le France mathwasong a dilemo tsa 1800.

Di-litchi di tlisitswe Afrika Borwa dilemong tsa 1870 ho tswa Mauritius, moo mefuta ya dimela tsa litchi tse lenngweng ha jwale di tswang teng. Sefate sa pele sa litchi se ile sa jalwa Botanical Gardens of Durban mme sa nama ho tloha moo ho ya dibakeng tse se nang serame tsa Mpumalanga le Limpopo.

Mokgatlo wa Dihwai tsa Litchi wa Afrika Borwa (SALGA-South Africa Litchi Growers' Association) e thehilwe ka 1975. SALGA e thusa ka dipatlisiso, tse thusang dihwai ka tsebo ya se-tegniki le tsa mebaraka hammoho le ntshetsopele ya mebaraka ya litchi.

Translated by Maletsatsi Sejake