Themphereitjhara Ke Eng?

© Leonie Joubert

Themphereitjhara ke mokgwa wa motheo wa ho lekanya boemo ba matla a tikoloho mme ho susumetswa haholo ke mahlasedi a kotsi a letsatsi. Themphereitjhara e bonolo ho e lekanya mme e sebediswa, hammoho le pula e nang sebakeng se itseng, ho tseba hore ke semela sefe se ka holang ka bokgabane sebakeng seo ka ho ikgetha.

Le ha ho le jwalo, ditekanyetso tsa dithemphereitjhara jwaloka palo-hare le dithemphereitjhara tsa dihla, ditjhemphereitjhara tse tlase le tse hodimo, tse lekaneng le tsa bosiu le motshehare, di lokela ho elwa hloko hore semela se tla hola jwang sebakeng seo. 

Themphereitjhara e na le kgahlamelo e otlolohileng dipheding tsohle tsa lefatshe. E theha ho qhanolla kapa ho sa tsitse ha motho (le tlhokeho ya ho futhumala kapa ho phola), e kgetholla ho phela ha dimela le diphoofolo, ho ba teng ha dikokonyana kapa diphoofolo tse kgathatsang hammoho le sekgahla sa mouwane le ho fufulelwa ha dimela (tahlehelo ya metsi mahlakung a semela).

Themphereitjhara e Lekanngwa Jwang?

Themphereitjhara e  sebediswang bakeng sa kgolo ya dimela le ho tsa temo e lekanngwa ka themphereitjhara ya moya. Sena se lekanngwa kahara dibaka tse bolokehileng tse bitswang maphephe a Stevenson kapa dithebe tse kenelang moya tse thibelang mahlasedi a kotsi a letsatsi. Dibaka tsena tse bolokehileng di behwa bophahamong ba 2 m ho tloha fatshe, haufi le boemo ba mahlaku a semela. 

Themphereitjhara ya moya e ka fapana le e fatshe mobung. Bosiung ba mariha, themphereithara e fatshe e tlase ho feta ya lephephe. Hona ho ka qetella ho bakile serame le ha bolepi ba themphereitjhara bo sa lepa serame se seholo moyeng. Le ha ho le jwalo, themphereitjhara tsa fatshe mobung di ka futhumala ho feta tsa moyeng motshehare mme hona ho itshetlehile ka hore fatshe ho jwang. 

Themphereitjhara tse moyeng o bulehileng le tsona di futhumala ho feta tsa lephephe, haholo lehlabula. Hangata themphereitjhara ya mahlaku a behilweng letsatsing e ba 3 - 4˚C hodimo ho feta e lekantsweng ya lephephe. Phapang ena e theohela ho 1˚C maemong a moriti le ha dithemphereitjhara di feta 33˚C. 

Mahlaku a matenya a sa fufulelweng a ka ba le motjheso o eketsehileng ka 10 - 15˚C ho feta themphereitjhara ya moya e lekantsweng. 

Ho Fetolela Celsius Ho Fahrenheit

©David Eccles

Afrika Borwa, themphereitjhara e lekanngwa ka di-grata tsa Celsius (ºC). Metsi a hwama kapa ho tiya ha a fihla ho 0˚C mme a bela ho 100˚C (boemong ba lewatle). Naheng ya USA themphereitjhara e ntse e tlalehwa ka di-grata tsa Fahrenheit. Sekaleng sa Fahrenheit, ntlha ya ho tiya ha metsi ke 32˚F mme a bela ntlheng ya 212˚F. 

Translated by Maletsatsi Sejake