Temo e tsitsitseng (Sustainable agriculture) ke tlhahiso ya dimela le diphoofolo ka tshebedisanommoho le tlholeho e le ho boloka kapa ho sireletsa mehlodi ya tlholeho. Hantlentle, mekgwa ya temo e tsitsitseng e fihlella tikoloho e hlwekileng, phaello le ho sa ye ka leeme setjhabeng.
Mekgwa e tlwaelehileng ya temo, e sebedisa dihlahiswa tse tswang kantle tse kang dik’hemik’hale tse bolayang dikokwanyana, menontsha le meriana, tse silafatsang le ho senya mehlodi e hlokehang ho ntshetsa pele tlhahiso ya dijo bakeng sa meloko e tlang. Mehlodi ena e kenyeletsa metsi, mobu o nonneng, moya o hlwekileng le dimela hammoho le diphoofolo tse fapafapaneng ho sebetsa mmoho hore ho be le tikoloho e phethahetseng.
Ho fetola mokgwa o tlwaelehileng ho ya ho o tsitsitseng wa temo, dihwai di ka ithuta o mong wa mekgwa ya temo e tsitsitseng. Tlhaloso ya mekgwa e tsitsitseng ya temo e a latela.
Mokgatlo wa lefatshe wa, International Federation of Organic Agriculture Movements (IFOAM), o arotse temo ya ‘organic’ ka mekgahlelo e mene- wa bophelo, o sa yeng ka leeme, wa tsotello le wa phedisano ya diphoofolo. Mokgwa wa temo wa ‘organic’ o itshetlehile metjheng ya ho phedisana ha diphoofolo le tikoloho ya tsona, boteng ba diphoofolo le dimela ka ho fapana ha tsona hammoho le diketsahalo tsa tlholeho tse ikamahantseng le boemo ba lehae, ho na le ho sebedisa dik’hemik’hale tse kang meriana e bolayang dikokonyana, lero le hodisang le meriana e bolayang dikokwanahloko. Mekgwa e kenyang letsoho ya temo ya ‘organic’ e kenyeletsa ho fapanyetsa sebaka sa ho jala meroho selemo le selemo, ho jalwa ha dimela tse sireletsang le ho kgothaletsa dikamano tsa nyamatsane le setsomi dimeleng.
Dihlahiswa tsa ‘organic’ di na le mangolo a semmuso.
Lentswe lena ‘agro-ecologia’ le hlaha puong ya Latin America mme le bolela seo lefatshe lohle le se bitsang temo ya ‘organic’. Agroecology e sebediswa e le mokgwa wa ho kokobetsa le ho ikamahanya le phetoho ya boemo ba lehodimo. Batho ba bangata ba bona agroecology e le tataiso le ho ba lekala la diphuputso le tshehetsang temo e tsitsitseng (sustainable farming), ebile e engwa nokeng ke temo ya ‘organic’ e leng yona tsela ya tshebetso.
Temo ya Biodynamic e itshetlehile mosebetsing wa rasaense ebile e le morutehi wa philosophy e leng Dr Rudolf Steiner wa Austria. Tsela eo a shebang dintho ka yona temong , e ne e na le ponelopele ya makgabane a ikemetseng le dikamano tsa mobu, diphoofolo, dimela le batho ho bopa sephedi. Thuto ena e bona lefatshe le polasi e le sephedi seo e leng seipone sa dikamano tsa sephedi le tikoloho ya sona. Mokotaba wa temo ya biodynamic ke ho aha le ho sireletsa bophelo ba diphoofolo le dimela tse fapaneng le mobu o matlafetseng. Dihwai tsa temo ya Biodynamic Afrika Borwa ba lokela ho ba le lengolo la ‘organic’ pele ebe ba kenya kopo ya lengolo la biodynamic ka Demeter.
Temo ya tshireletso (Conservation farming) ke e sebedisang mokgwa wa ho sireletsa mehlodi mme e tsepamisitse maikutlo mekgahlelong e meraro. Wa pele ke ho se dubane le mobu hangata kamoo ho ka kgonehang, bonyane 30% ya mobu e kwahelwe ka ntho tse putisang le ho ba le diphedi tsa mefuta e fapaneng ka ho fapanyetsa sebaka sa ho jala sa dimela (selemo le selemo) kapa ho jala dimela mmoho (nako e telele). Mosebetsi ona o ne o qale Leboya le Borwa ba America, New Zealand le Australia mme o ile wa ata lefatshe ka bophara ho kenyeletswa le Afrika.
Temo ya ‘Fair Trade’ e qadile dilemong tsa 1970 e qalwa ke dihwai tsa kofi naheng ya Mexico. Kgwebisano ya ‘Fair Trade’ e netefatsa hore boemo ba kgwebisano ha bo kgethe nku ka pere mme e netefatsa le ditheko tse amohelehang bakeng sa dihwai tse ntseng di hola.
Ha ho sebetswa, bahlahisi ba ‘Fair Trade’ ba rekisa dihlahiswa tsa bona ka ditheko tse lekanyeditsweng mme tse netefaditsweng ebile ba fumana morokotso thekong ya dihlahiswa. Morokotso ona o lefshwa sehlopha sa bahlahisi mme o ka sebedisetswa ntshetsopele setjhabeng.
Dihlahiswa tse nang le letshwao la ‘Fair Trade’ di bolela hore bahlahisi le bahwebi ba ikamahantse le dipehelo tsa ‘Fair Trade’.
Thuto ya ‘permaculture’ e ile ya thehwa dilemong tsa 1970 ke ditsebi tsa thuto ya bophelo ba diphedi (biology) tsa Australia. Permaculture e bua ka mekgwa ya temo e etsisang tlholeho, moo tsohle di phedisanang mmoho. ’Morung, ha ho hlaolelwe, ho nyanyatswa ha dikokonyana, ho phetholwa ha mobu le ho lengwa empa moru o kgona ho fepa tsohle tse phelang moo.’
Mokotaba wa permaculture ke ho hlokomela lefatshe, tlhokomelo ya batho le ho abelana-kabelano ya dihlahiswa, tsebo le mehlodi. Permaculture e sebedisa mekgwa ya temo ya ‘organic’ ya tshebetso, ditaba tsa meru tse tsitsitseng, paballo ya diratswana le tsamaiso ya mehlodi ya baahi ba sebaka seo.
Translated by Maletsatsi Sejake