Semela sa Selehae sa Afrika Borwa sa Setlotsa sa Tlhaho

© Marinda Louw

Dimela tse ngata Afrika Borwa - e kaba tsa selehae kapa tsa tlhaho - di sebediswa bakeng sa ho hloko mela letlalo kapa e le ditlotsa tsa tlhaho tse entsweng ke batho lapeng le meloko ya e fitileng. Botle ba jwale bo tsebahalang ba hlokomolosa phodiso ya dimela jwalo ka sengobofatsi sa tlhaho, sematlafatsa letlalo le molemo wa wa yona wa bophelo bathong.

Tapole e Hlaja ya Afrika

Hypoxoside e hutswe ho tswa metsong ya Hypoxis hemerocallidea’s me e fetoletswe ho rooperol, e leng se thibela ho ruruha. Ho feta moo tapole e hlaha e nale sterol le sterolin, e nang le dithusa tsa ho thibela ho ruruha le ho matlafatsa masole a mmele. E tshwana le cortisone e ka thusa disele tse senyehileng le mesifa e opang. Ke sebolaya dikokwanahloko se matla mme e thusa ka botsofe.

Ya Aloe Ferox

©Jacques Marais

Jele ya aloe ferox e nale disebediswa (alone le asiti ya amini) ho feta maloko a yona a America, Aloe vera. Disebediswa tse tsebahalang ditlotseng tsa tlhaho, mongobole le ho phomotsa tse teng ho yona di ka thusa ho laola ho tjheswa ke letsatsi kapa ho retela le ho fokotsa bohloko. Ntle le ho boloka molekhule tsa di-protein e nale bradykinase e fokotsang horuruha, aloe ferox gel mme e nale hape le seboya dikokwanahloko le divitamin A, C le B12. Ka lebakala mmala o motsho o fumanwang, e sebediswa hape e le dae ya letlalo.

Oli ya Baobab

Oli e nonneng e nkgang ha monate, oli ya baobab e sebediswa e le sengobofatsi, oli e sidilang le moinelo o tjhesang bakeng sa manala a omeletseng le moriri. E nale dithusa tsa ho thibela ho ruruha, ka lebaka β–sitosterol e ka fokotsang senyeha ha disele tsa DNA. Baobab e nale omega-6 ekang 30% mme e nale vitamin D3, F, K le E mmoho levitain A entjhafatsang disele tsa lera le ho laola menyama. Vitamin F ke esiti e nonne e nale khabone e menahaneng e matlafatsang le ho ntjhafatsa disele tsa lera. Oli ya baobab e phomotsang le e kenellang e thusa bakeng sa ditlapedi le makgopo jwalo ka ha e boloka le ho ngobofatsa karolo e kantle ya letlalo.

Oli ya Melon ya Kalahari

©Marinda Louw
Kalahari tsamma e amana le Kalahari ya sebakeng sa Afrika e ka Borwa mme e ne e sebediswa bakeng sa dilemo tse fetang 4 000 e le sengobofatsi sa tlhaho. Batho ba MaSan ba ne ba sebedisa oli jwalo ka sengobofatsi, hontshetsa pele kgolo ya moriri, ka tholwana e kopantsweng le metsi ho tlotsa jwalo ka sethibela letsatsi. Ka lebaka la boemo ba asiti ya linoleic (e tswana le oli ya primrose ya bosiu) peo ya Kalahari melon e thusa ka ho ruruha mme e loketse ho sebediswa letlalong le mafura le le makgopo. Asiti linoleic e fokotsa dintho tse ntshuwang ke mmele ha o kgathetse ya sebum, e boloka sebopeho sa letlalo le ho fokotsa maswebe. Peo ya oli ya kalahari e nepahetse akeng sa sekerefe le le letlalo le hlohlonang. Ka lebaka la esiti e nonneng, oli e nepahetse bakeng ho sebetsa e le sesepa sa tlhaho.

Mongongo Oil

Peo ya oli ya Mongongo (Schinziophyton rautaneni) hape e tsebahala ka oli ya manketti, e ntshitswe (ka thata) ho tswa letokomaneng la sefate Mongongo se holang Kalahari Afrika e ka Borwa moo e neng e sebediswa ke batho ba selehae jwalo ka setlotsa morir le sethibela letsatsi sa tlhaho. Oli ya mongongo ha e etse lera le sireletsang letlalong le moriring ha asiti ya eleostearic olin e etsa kganya ya UV. Peo ya mongongo e tshehla bo kganyang e monyela ha bonolo, e leng se etsang hore ho nkge monate le ditlotsa tsa tlhaho. E nale zink e hodimo le vitamin E, e kenyang tshireletso ya ho ruruha haholo e sebetsa ho laola makgopo mme e ntshetsapele diphatsa tsa meloko le ho ntjhafatsa disele.

Oli Helichrysum

Helichrysum odoratissimum (ke mofuta o sebediswang haholo mme e tlwaelehile haholo Afrika Borwa) e sale e tsebahala ka, mphepho (MaXhosa, MaZulu), kapa kooigoed (Khoisan, Afrikaans). Oli e nale monko o matla wa tholwana ebile e sebediswa bakeng dinkgisa monate ha semela se sebediswa ho laola mefuta e fapaneng ya mahloko ka tlhaho. Ha e sebediswa e le sesebediswa e le tlhokomelo ya letlalo ya tlhaho le setlotsa, oli ya helichrysum e thusa ka ho ruruha, e tlosa fanga le sebolaya dikokwanahloko mme e ka thusa ka mengwapa, ho retela le lekgopo. E nale sethibela ho tsofala e ka kgothaletsang ho ntjhafala ha disele, sithibela letsatsi le setlotsa letlalo.

Oli Marula

©Genet
Oli ya Marul e ne e sebediswa ka setso Limpopo Afrika Borwa e le senolofatsa letlalo, sesepa sa moriri bakeng sa miriri o ommeng, motheo wa sesepa le sesedila masea. Oli ya Marula ke motheo o nepahetse esiti oleic ya tlhaho, e e nang le sethibela ho ruruha ho phahameng. E thusa ho fa mmele metsi le ho etsa letlalo le boredi le fokotsa okgubedu. E nale asiti e hlokohanf e nonneng, oli ya marula senolofatsa letlalo sa tlhaho mme e sebediswa bakeng sa letlalo le leholo le letlalo le sa phelang hantle. E nale hape le vitamin C e hodimo le E athe ol yona e bohlokwa bakeng sa moya. Oli ya marula e nale ‘mahlomela’, ke oli e nepahetseng bakeng sa ho sidila.

Translated by Sebongile Sonopo