Sefate sa pepper-bark se kotsi sa Afrika e ka Borwa, Warburgia salutarus, e hola Afrika Borwa, Swaziland, Mozambique le Zimbabwe. Lebitso ‘salutaris’ le bolela ho fana ka bophelo, e khutlisetsa morao ho tshebediso ya moriana pepperbark. Mefuta e amanang e tsebahala jwalo ka ‘Karambaki’ e neng e sebediswa jwalo ka moriana ke bo rakgwebo ba MaArab le batho ba botjhabela ba Afrika ab eng ba dula moo nakong e fitileng. Pepperbark ha e fumanehe haholo moo ho leng hlaha mme ke mofuta o letotong la tshoso jwalo la Red Data Book. Ho kotulwa ka sekgahla ke dingaka tsa setso baka la tlhokeho ya yona bark ho sebediswa morianeng, boiteko bona bo boholo bo etswa sosolosa boikatiso ba sefate.
E hola ha bobebe ka ho kgaolwa ka ho kennngwa mobung o riuleng ka dikenya mobung ka tlhaho le etsa semela sa tikoloho. Sefate sa topikale, se se sesane se dulang se le setala ka nako tsohle, pepperbark e hola kabolelele ba 5-10m mme se loekisa nitrogen mobung ha makgasi a a etsa nitrogene e ruileng manyolo. Palesa e tala bo bosehla e etsa menokotshwai e kgidikwe ba 30mm e bang perese ha e butswitse. Makgasi, ditholwana le dukutu tse ka hare di nale pepere e matla ka tatso mme e kotulwa ha nyane ho thibela bongata ba ditholwana ka ditshintsi tsa ditholwana le ditshwene. Difate di nka nako ho hola mme di ka kotulwa ha feela di le dilemo di 10, empa di nka dilemo tse 20 ho hola ka ho phethahala.
Kutu le makgasi a pepperbark di nale metswako e fapaneng tshebesdisong ya sethibela dikokwana, fungi, sesoo ka sefubeng le senya. Disebesiswa sa sefate di omme, mme tsa silwa hoba phofo e sebediswa ho tebela le ho laola lekgopo la botshehadi, tshwaetso ya sefuba, makoka wa thobalano, mmele o bohloko, bothata ba mpa le malaria. e sebediswa jwalo seneifi, e bula dinko le ha e hlafunwa kapa ha o e hema e fodisa bohloko bo ka sefubeng, e thusa ka ho sijwa, lefuba mmele o bohloko. Moriana wa makgasi o thusa kgahlano le lefu la manonyeletso le mahloko a letlalo, ha metso e bedisitsweng e e kopanngwa le sopho ho fodisa letshollo. Ka bobedi kutu le kutu ya metso ke moriana wa malaria ha di felletse di kopantswe le metsi, di ka fodisa diso tsa molomo. Kenya, makgasi a tswakwa le kheri ho etsa taso.
Diphuphutso tse entsweng ho lekanya tshebetso ya disebediswa tsa kutu ho tsa makgasi di bontsha ha phapang e sa tsotellwe. Ho etsa lekgasi le nke karolo ya kutu tshebedisong ya moriana wa setso e ka dumella hore ho nke nako ho kotula bakeng sa semela se kotsing.
Translated by Sebongile Sonopo