Pontsho ya tlhompho ho Dr Peter Magubane ka David Meyer-Gollon

© David Meyer-Gollan

Ditshwantsho di buwela hodimo

Ho tlowa mebileng ya motseng ho ya ditseleng tsa diholo, Peter Magubane o qetile ho halofu ya sentjhuri a nka ditshwantsho tsa ntwa kgahlano le kgethollo le dintho tse ding tse amanang le botho. Nakong ya hae o ile a tseba Nelson Mandela haholo, o motsebile pele jwalo ka moetapele dipolotiking a neng a etsa maqhubu ho ya le naha, mme ebile e le letshwao la ntwa ya tokoloho.

Ka mora dilemo kamano e ile ya etsahala pakeng tsa bo radipolotiki ba babedi, e mong ya buwang ka mantswe le diketso haemong yena a buwa ka khemera. Ka mora hore Mandela a lokollwe tjhankaneng ka Hlakola 1990, Maguabane o ile a kgethwa jwalo ka raditshwantsho ya tla hatisa dilemo tse nne tsa phetoho ho ya tikolohong.

Ho tloha boemong bona, o ile a etsa monyetla wa ditshwantsho tse ngata tse etsahetseng tseleng ya tokoloho ya polotiki. Hantle ntle Magubane o ne a ena le bolokolohi bo sa lekanngwang ho Mandela le leloko la hae.

Ho bonahala ha mosebetsi

Dr Peter Magubane ke emong wa boraditshwantsho ya ileng a fumana tlotla dinaheng tsa matjhaba. O ile a qala mosebetsing wa hae o hlahelletseng ka 1954 le Drum Magazine, eo e ile ya mokenya pelong ya polotiki ho lwantsha tokoloho. Ka mora dilemo a le Drum, o ile a etsa dipontsho Europe mme a bala le United State.

A kgutlela lapeng ka 1966, mme a sebetsa koranteng ya Rand Daily Mail. Nakong ya selemo sa 1969 ho ya 1971 o ne a le tjhankaneng, mme a qeta matsatsi a 586 a kwalletswe a le mong, ka mora nako a kgaolwa mosebetsing wa ditshwantso dilemo tse 5.

Ho tlowa ka 1980,s Peter o ile asebeletsa Time magazine. Ka 1990 o ile a kgethwa e le raditshwantsho wa Nelson Mandela ka molao ho hatisa tsela ya Afrika Borwa ho ya tikolohong. Peter Magubane o ile fumana dikgau tse ngata bakeng sa boitelo mosebetsing wa hae lefatsheng ka ditshwantsho.

Hara bona ke Mother Jones-Leica Lifetime Achievement Award, Martin Luther King Award, Fellowship ho tswa ho Tom Hopkinson School of Journalism, le Honorary Doctorates tse nne ho tswa di yunuvesiting tse fapaneng Afrika Borwa. Bakeng sa ho tlatseletsa, ke yena motho wa pele wa motho e motsho wa ho fumana kgau ya raditshwantsho ka 1958, ya setshwantsho sa sebele sa selemo. Kajeno Peter Magubane o shebane le haholo le setso sa ditshwantsho ka kakaretso le setso Afrika Borwa.

Dr Peter Magubane

Dr Magubane, raditshwantsho ya tummeng dinaheng tsa matjhaba, o hlahile ka 18 Pherekgong ka 1932 Vrededorp mme a holela Sophiatown....more