Tsa bophelo ba Dr Magubane

© David Meyer-Gollan

Dr Magubane, raditshwantsho ya tummeng dinaheng tsa matjhaba, o hlahile ka 18 Pherekgong ka 1932 Vrededorp mme a holela Sophiatown. O ile a rata ditshwantsho ha ntate wa hae, ya rekisang ditholwana, a ne a morekela khemera ya Kodak Brownie ha Peter a ntse a le sekolong.

Mosebetsi wa profeshini wa ho ba raditshwantso o qadile Afrika Borwa ka ntwa demokrasi. Mosebetsi wa ho ba raditshwantso wa Dr Peter Magubane o qadile ka 1955 ha a kena ho Drum magazine e le mokganni le motsamaisi wa melaetsa. Ka pele a fumana mosebetsi wa hoba mothusi wa jurgen Schadeberg wa phaposi e lefifi.

Mosebetsi wa hae o moholo o bile etsa tsoseletso ya African National Congress. O ile a sebedisa ka khemera ya hae ho nka ditshwantsho tsa phihlelo le ntwa ya batho ba batsho ba Afrika Borwa. Setshwantsho sena se fihleletse boemo ba lefatshe ba phatlalatso se bontsha tswelopele ya ho sebe le toka ho etsahalang Afrika Borwa ka nako eo.

Ke pale ya monna ya moholo ya ileng a utlwiswa bohloko ke ditshwantsho tsa hae tse sakang tsa fihla boemong ba lefatshe,ka lebaka la leponesa le ileng la senye filimi ya hae ka ho e hahisa kganyeng.

Mme lona leponesa leo la roba le nko ya hae. Peter o ne a le moo etsa pokeletso ka khemera ya hae mohwantong o kgahlano le dipasa, qalo ya Umkhonto we Sizwe, ho tshwara ha mopresidente Mandela, Revonia Trial, ho thibelwa ha ANC, Merusu ya Sharpville, Black Consciousness Movement ho pahahama ha Steve Biko le Merusu ya Soweto.

Ka merusu ya Soweto o ile a jwetsa barutwana hore ‘ntwa e senang bopaki ha se ntwa’. Ditlamorao tsa ho nka karolo merusung ena, ntlo ya hae e ile ya sengwa ka mollo, mme o ile a tshwarwa le basebetsi mmoho le yena ba batho ba batsho matsatsi a 123. Kopo ya hae ka 1957 ya ho kena Photographic Society ya Afrika Borwa ya makgowa feela e ile ya hanwa.

Boraditshwantsho ba Drum ba ile ba qala progressive Photographic Society e senang morabe ka 1961. Dr Magubane ke raditshwantso wa pele wa ho tshwara dipontsho tsa hae Afrika Borwa. Boramosebetsi ba hae Rand Daily Mail ba ile ba qala phaposi ya hae e lefifi.

Melao ya Afrika Borwa ka nako eo e ne e sa dumele hore a kopanele phaposi le basebetsi mmoho le yena ba makgowa. Ke raditshwantsho wa motho e motsho wa pele phatlalatsong ena ho tlowa ka 1967 ho ya ka 1980. Sena se Kenya dilemo tse 5 tsa ho thibelwa ho fihla ka 1975. Nakong ena o ile mamella ho kwallwa a le mong matsatsi a 98 le ho ahlolwa dikgwedi tse 6.

Dr Magubane o ile a feta tlhekefetsong ya, ho otlwa, maqeba a dithunya, nako e telele ya ho tshwarwa le ho hlonngwa dipotso. O ile a thunywa makgetlo a fetang 17 phupung ya morutwana Natalspruit. O ile a qeta matsatsi a 586 a kwalletswe a le mong ka 1969. O ne a patella maponesa khemera ya hae. O ne a e pata ka hara Baebile e sekoti, ka hara jase ya hae, ka hara lebokose la lebese le ka hara halofo ya loufu ya borotho.

O ne iketsa e ka o ja borotho kanthe o ntse a nka ditshwantso. O ile a dula London nako e telele dilemong tsa bo 1960 mme a sebeletsa Time magazine dipakeng tsa 1978 le 1980. O qetile hape le nako a le New York ho tlowa ka 1980. O sebeditse hape le phatlalatsong tse jwalo ka National Geographic, life, New York Time, posong Washington, Paris Match le Sports Illustrated.

Dinaha tsa matjhaba a kopaneng le ona e ne e le bareki ba hae. Mokgatlo wa hae le Nelson mmoho le Winnie, ka bobedi boemong ba profeshini le setswalle bo qadile dilemong tsa bo 1950. E ne e le raditshwantso ya molaong wa Madiba ho tlowa ka nako eo a lokollwang ka yona ho isa dilemong tsa hae tsa pele tsa bopresidente.

Dr Magubane o nkile ditshwantso tsa mathata a meloko le dintwa tsa meloko ho latele tswelopele ya Afrika Borwa ho ya demokrasing. O ile a fetoha ho tsepamisa maikutlo ho mekgwa le ditlwaelo ka mora demokrasi. Dr Magubane o ananela tlotlo ya hae e kgolo ya South African Older of Meritorious Service Silver Class II, e hlahisitsweng ke mopresidente Mandela.

O ile a tuma haholo ka ho kenya khemera ya hae ka hare ho emisa dipolao. Ka sena o ile a tlotlwa ka kgau American National Professional Photographers Association Humanistic.

Ke motho wa pele e motsho wa Afrika Borwa wa ho hapa Press Photo ya selemo ka 1958. O tshwere ditlotla tse robong tsa bongaka le kgau ya Cornel Cappa Lifetime Achievement ho tswa International Centre ya ditshwantso New York.

Dikgau tse ding di kenyeletsa, Robert Capa, Special Missouri Honor Medal ya tshebeletso e ikgethang boqolotsing, Martin Luther king Luthuli, Lifetime Achievement ho tswa ho Mother Jones Foundation le Leica Cameras le Fellowship ka Tom Hopkinson School journalism le dithuto tsa bonono yunivesiting ya Wales.

Kgau ya pele ya mobu wa lapeng e kenyeletsa kgau ya boqhetseke ba boqolotsi e ileng ya hlahiswa ke Walter Cronkite le ho tshehetswa ke Stellenbosch Farmers Winery. Dr Magubane o bile le dipontsho tse pedi tse bontshitseng ditshwantsho tse 100 tsa Nelson Mandela, ka nako e nngwe sebokeng sa dinaha tsa matjhaba a kopaneng Poland, moo dipontsho di ile tsa bulwa semmuso ke mopresidente wa mehleng wa Polish Lech Walesa.

Dipontsho tsa bobedi di ne di lokiseditswe nakong ya 1 Phupu ho isa 30 Phato, e tshwarelwa Nelson Mandela Gateway , Roben Island. Ditshwantso tsena e ne e le mpho ho Nelson Mandela Foundation.

Dr Peter Magubane and Solitary Confinement

Letsatsing le tshwanang le matsatsi a mang Phupjane 1969 phetoho bophelo bakeng sa monna wa korwanta Peter Magubane. Sehloho sa kgatello ya ...more

Dr Peter Magubane and the Soweto Riots

Baqolotsi ba ne ba thibetswe ho kena Soweto, Dr Peter Magubane o sebakeng seo, a hlometse. Lesole ka khemera ya lona. Hojana mane o bona kot...more

Dr Peter Magubane Exposes Child Labour

Dr Magubane o kena Soweto ka tsela e ka morao e matswedintsweke. Peter o hlahloba qubu ya ditshila tse setseng le jarete ya mashala e sebedi...more

Dr Peter Magubane Official Photographer to Nelson Mandela

Peter Magubane o hopola kopano ya bona e bolokehileng le monna eo ka mora nako e kabang motswale wa nako e telele. E ne ele ka nako eo Mande...more

Peter Magubane by Desmond Tutu in 1986

Peter Magubane o ntshitse bokgabane ba hae ka khemera mme o ile a fumana setumo dinaheng tsa matjhaba ka ho tsebahatsa le ho ikaba, ba ile b...more

Peter Magubane's Career

Peter Magubane ke mong wa bo raditshwantsho ya ileng a ketekwa Afriaka Borwa ya sebeditseng ka thata. O nkile ditshwantsho mme a boloka dito...more

Snapshot of Dr Peter Magubane's Career

Ka 1990, Dr Peter Magubane o kgethwa hoba raditshwantsho wa Nelson Mandela ka molao ho tlo hatisa dilemo tse nne tsa tsela e lebang tikoloho...more

A Tribute to Dr. Peter Magubane by David Meyer-Gollan

Dr Peter Magubane ke emong wa boraditshwantsho ya ileng a fumana tlotla dinaheng tsa matjhaba....more

Letter to Dr. Peter Magubane from Nelson Mandela

Peter Magubane o ile wa etsa mosebetsi o motle haholo wa raditshwantsho dilemo tse leshome ha nne ka Tatellano. O ne a sebedisi talente ya h...more

At Home with Dr Peter Magubane

Ha a dutse ka pele ho fesetere, kganya e kgantshitse letshwao la moriri o mosweu la Dr Magubane. Seo re seng re setse ka sona ke mesebetsi y...more