Dr Peter Magubane o pepesa tshebediso ya bana

© David Meyer-Gollan

‘Kantle ho thuto, o keke wa etsa letho!’

Dr Magubane o kena Soweto ka tsela e ka morao e matswedintsweke. Peter o hlahloba qubu ya ditshila tse setseng le jarete ya mashala e sebedisang bana ba banyane. Boteng ba hae bo kwala sekgeo. Takatso e matla a neng a na le yona ka ho pepesa manyala a kgethollo dilemong tse fitileng, e ntse e tswela pele ho hlalosa mathata a batho kajeno.

Dr Peter Magubane o kganna ho ya Soweto scrap yard. Ke jarete ya mabitla a metale. Dinatla di betlile meno a rusitseng moyeng. Magubane o batla bana sebetsang sebakeng sena.

Ba tlohetse sekolo ho fumana tjhelete e kalo diranta tse hlano ka letsatsi, ba lata ba rekisa ditshila tsena tse setseng tsa metale. ‘Boholo ba bona ba tswile ka ntle ho tumello sekolong, mme ha ba tsebe bohlokwa ba thuto’, o leka ho hlalosa taba e thata. Maguba hangata o thusa le ka hodimo ho mosebetsi wa khemera, bathong ba hae bao a ba nkang ditshwantsho.

Dilemo tse ngata o ne a leka ho kgutlisetsa bana balehileng malapeng ho batswadi. O ne a sa kene pele ba tla ho kopa thuso ho yena “Madala! Madala” ba mpitsa jwalo, “Ke batla ho ya lapeng”. Ke bana ba bahlano feela ho ba mashome a mararo a metso e mehlano a bana bao ke ba thusitseng ba kgutlelang meboleng.

Ba a sebediwa mme ba futsanehile

O fihla setopong se latelang. Ke ka thoko ho tsela ya sekontiri pelong ya jarete ya mashala ya Jabulane. Ho nale dithaba tse nyane tse hatelletsweng le ho ntshwuwa lefatsheng leo le ba potapotileng. Ba dula moo ba etsiswa malapa, ba dule ha bohloko hodima mashala.

Mme ya monyane o aneha diphahlo terateng, ha moshanyana a ntse a ipapalla ditshileng. Dihoko tsa dikgoho di ya bokellwa mme tse seng kae di tswe di fofa. Moya o ditshila o silafatsa moya, ba qala ha letsatsi le phahama, ba batjha ba tshela mashala mme bakganni ba ditonki ba ise ho potoloha le Soweto.

Mariha mela ya lehodimo motseng e ditshila ke musi wa mashala. ‘Ho futhumetse mona mme ho nale bodulo’, Magubane o shebile kantle ka fesetere. Ba a sebediswa mme ebile ba futsanehile haholo, phepetso e kgolo eo bana ba tobaneng le yona o bona ele, kantle ho qeya qeyo ele thuto. ‘Kantle ho thuto, o keke wa etsa letho!’.

Monna ya kwenneng o hopola raditshwantso. ‘Ke e mong wa bashemane baka, ‘Magubane a hlasimoloha’. O ne a na le nako e telele a sebetsa. ‘ke bohloko hore moshanyana ya ileng a monka setshwantsho ka bo 1970 ke moetapele wa mashala wa batjha ba kajeno.

O ikopanyeditse, jwale e re ke tsamaye ke siye lehoduwotswana lena la mebila ena e tatileng ya Zola, moo batjha ba iketsetsang kganya kapa lefifi ha a ntse a buwa jwalo a feta mosadi ya ntse a kganna wheelchair ya hae ka lehlakorng le letshehadi. Mosebetsing waka kaofela e ne ele raditshwantsho eo feela ya hlokolotsi eo ke ileng ka seke ka mo nka setshwantsho.

Ke ne ke ferekane ebile ke swabile, empa ke ne ke tla etsa eng? Ntho feela eo ke neng nka e etsa e ne ele ho tswela pele ka mme ke tsepamise maaikutlo ho ditshwantsho tse tsotehang tseo ke ileng ka di nka.

Monyetla wa bphelo wa Peter wa hlaha hape ha Mandela a ne batla ho kopana le yena. Le ha a ile a fetwa ke monyetla o hlokolosi ‘karolo ya pele ya tokoloha’, Peter o ikutlwa a hlomphehile ho kgethwa e le raditshwantsho wa semolao ho hatisa dilemo tse nne tsa phetoho.