Peter Magubane le ho kwallwa a le mong

© David Meyer-Gollan

Sehloho sa kgatello ya lere

Letsatsing le tshwanang le matsatsi a mang Phupjane 1969 phetoho bophelo bakeng sa monna wa korwanta Peter Magubane. Sehloho sa kgatello ya lere fatshe. Ha se kgetlo la pele ke hlekefetswa ke maponesa, empa kgetlong lena ba mothetefaditse ho mo isa tjhankaneng Pretoria.

Moo ba ile ba mo fata dipotso ka hore na ha a romelwa ke makomonisi ho beya Afrika Borwa powaneng. Ba etsa a eme hodima setene matsatsi a 5 le masiu a 5, Peter o ile a akgeya letsatsing la 5. O ile a kwallwa a le mong ho fihlela ka Mphalane 1969, a ahlowa ka ho hatella molao wa bokomonisi. Ho sotlwa ha nna ha tswela pele. Ka 1970 ha a qeta ho phumulelwa dikahlolo, o wa tshwarwa hape ka yona nako eo ka lekgotleng la dinyewe.

Ba tswela pele ho mo kwalla a le mong. Ka Phato 1970, o wa ahlolwa hape ka molao wa bokgukguni, mme hape ka Tlhakubele 1971, ba mo ahlola molao o ka tlasa section 6 ya bokgukguni, e dumellang ho tswara ho sa tsejweng. Qetellong a lokollwa ka 1971. Peter o qetile matsatsi a 586 a kwalletsw a le mong.

Seke wa lebala, empa tshwrela

O ile a qobellwa ho tlohela mosebetsi wa Rand Daily Mail, mme ka nako eo a ntseng a beetswe ka ntle mosebetsing dilemo tse hlano ka 1972, a roba molao oo mme a tshwarwa hape dikgwedi tse 6. ‘Ke patetse sekoloto sa hoba raditshwantsho naheng ena’, o arolelana le rona.

Eitse ha molao wa ho kgaolwa mosebetsing o fela ka Mphalane 1975, a kgutlela mosebetsing wa hae hape Rand Daily Mail. ‘Ha hona motho ya tla nkemisa ho buweng nete’. Ka ketso eo o hlalosa hore na o kgonne jwang ho hlola tjhankane, haholo a kwalletswe a le mong. Matla a hae atswa ho Modim, oa otloloha. Ke ne ke tseba hore ha ke ya etsa letho le phoso!

Seo ke ileng ka se etsa ke ho nka bana ba neng ba sebetsa mapolasing ditshwantsho. ‘O a hopola’. Ke ne ke utlwa batshwaruwa ba bang ba hweleditse bosiu bohle, ba utlwiswa bohloko. Hoja ke ne ke le mong, ke ne ketla hlanya. Ho ne ho nthusa haholo ho utlwa hore ha ke mong ya sotlehang.

Ho ne ho ena le ba sotlehang ho feta nna, Robben Island, ba neng ba ahloletswe ho phela bophelo bohle ba bona tjhankaneng. Ha jwale o bonolo ebile o potlakela ho tsheha, mme ho hlakile hore ha aka etsa hore tlhonamo e tlale pelo ya hae. ‘Seke wa lebala, empa tshwarela’. O lokela ho tswelapele ka bophelo ba hao.

Sebaka Phumaneho sa Robben Island

Robben Island e fumaneha haoufi le lebopo la Cape Town. Se bonahala ka lehlakoreng la Table Bay, Bloubergstrand, Sea Point le Camps Bay....more

Robben Island: Tjhankane ya ba bangata

Maemo sehlekehlekeng mehleng ya 1700 a ne a le thata hoka a netefatsa ka lebaka la phokolo ya tsamaiso le ho hlokahala ha meaho e lekaneng, ...more