Peter Magubane o hopola kopano ya bona e bolokehileng le monna eo ka mora nako e kabang motswale wa nako e telele. E ne ele ka nako eo Mandela a neng etsa dithuto tsa molao. Ke ne ke hloka moemedi wa molao eo a neng a ka nthusa ka nyewe ya ntate waka ya ileng a fumana kotsi ya koloi, ke ile ka ya dikantorong tsa Mandela le Thabo, oa hopola. ‘ka nako eo ke ne sa tsebe ka karolo ya bona ya dipolotiki naheng ena.
Mandela o ile re a keke a nthusa hobane a ne a ena le dinyewe tse ngata haholo, mme ke hona a ntseng ba qetella mosebetsi o mong. ke ile ka lokela ho fumana moemedi e mong. Ka mora nako, bana ba Peter e ile yaba metswalle le bana ba Mandela hobane ba ne baya sekolong se le seng Swaziland. ‘Ke ne ke lokela ho ba isa sekolong, jwalo ka ha ke ne ke tseba hore mme wa bona (Winnie Madikizela Mandela) o ne a keke a kgona ka lebaka la hore o ne a tebetswe.
Ka bomadimatle ke ne ke ena le batho bao ke neng nka tshepela ho bona, mme ba ne ba keke ba ntsha ditaba, o a hlalosa. Hanyane, ka tsela e nngwe, kamano ya madi e ile ya lokela ho thewa pakeng tsa bo rapolotiki, e mong o buwa ebile a etsa athe e mong o buwa ka ho nka ditshwantsho.
Dr Magubane o etela Nelson Mandela tjhankaneng ya Robben Island, e le ho tiisa selekane pakeng tsa eo eleng moporesidente wa nako e tlang le eo eleng raditshwantsho ya hohelang. ‘ Ke ile ka sebedisa lebitso leo ke ithehileng lona e leng (Ralangobuso Mtirara). Ha ke tsebe ba ntumelletse jwang, feela ba ile ba ntumella.
Ka bobedi re ile ra kgutlela morao ka mohoplo ho sheba hore na re fetohila ha ka kang ditshobotsing, empa re ne re ntse rele dipelo di matla, ho bolela Peter. ‘Mandela o ile a nteboha ka mosebetsi o motle oo ke o ntseng wa ho pepesa dintho tse etsahalang naheng kantle ho tshabo’.
Kopano ya rona e kgutswane mme puisano e boima ka lebaka la hore re katuwe ke maponesa a mabedi haufi le rona. Le ha hole jwalo, Peter o ne a tseba hore kgokahano pakeng tsa banna ba babedi e etsahetse.
Ka la 11 Hlakola 1990, Dr Peter Magubane o tobana le tshwabo e mpe. ‘letsatsi le bolelang histori naheng, ha Mandela a lokollwa tjhankaneng, ka beya ditshwantsho tse kgolo tsa phepetso. Sehlopha se seholo se bokane kantle ho tjhankane ya Victor Verster Paarl. Batho bane ba palame hodima di teraka le dibese.
Bo raditshwantsho ba ne bale fatshe empa ba palamela hodimo ho fumana sebaka sa ho nka ditshwantsho tse nepahetseng tsa motsotso o motle oo. Qetellong Mandela o wa tswa, o lokollotswe, letshwele la etella pele le re sututsa mme ba re hatella.
Mme le leeto la histiri le ya qala. Peter o arolelana tsebo e makatsang e phuthullang bophelo ba MaAfrika Borwa nakong ya dilemo tse nne a tshwere jwalo ka raditshwantsho ya tshwereng semolao.
O ne a etsa hore boholo ba nako boemong ba hae a fumanehe ka ho sa ballweng bakeng sa monyetla ditshwantsho tseleng e ntjha ya hae ya ho aba ka polotiki. Magubane o hlalosa ka moo kamano ya hae le Mandela e ileng ya matlafala ka teng ha leeto le ntse le tswela pele ‘tsela ya kgotso’ mmoho. Re se qadile ho tshepana le ho arolelana hlompho e tshwanang.
Jwalo ka raditshwantsho le motho ya bolokang ditokomane tsa histori, o keke wa buwa nnete ha feela o keke wa tshwarela. Nakong ena ya dilemo tse ikgethileng, ke ithutile hore motho o hloka ho mamella, o hloka le ho ithuta ho ananela diphoso tse etsahetseng.
O tla fumana ditshwantsho tsa Mandela a le tshehe mme a tshwere ngwana ka letsoho, ka nako e nngwe o a tansa. Ke monna eoe boholo ba makgowa a Afrika Borwa a neng a nahana hore a kaba ka mokgwa o mong. ho ena le hore a ba kguthumeletse kantle ho naha, o bafa letsoho la kgotso, are: “Tlohong, ha re tsamaeng mmoho, a re aheng naha mmoho”.
Ho nale ho phatsima mahlong a Peter ha a hopola ketsahalo setshwantsho seo a se ratang bukeng ya hae ya Man of the People: A tribute to Nelson Mandela. Ke seo Mandela a neng tansa ka mokete wa letsatsi la tswalo oneng o le Kippies New Town, Johannesburg. O ka bona thabo ya tokoloho e phatsima mahlong a hae.