Oli ya Rosa ya Damasaka

© Highlands Essential Oils

Oli ya rosa ya damasaka e tsejwa hantlentle ka lebitso lena la Rose Damascena. Rosa damascena ke tswa Botjhabela bo hare ebile e fumanwa Theki le Iran empa masimo a maholo a rosa ena e Bulgaria. Oli ya rosa ena e ntse e sebediswa ho tloha mehleng ho phekola letshwea, sefuba, lethopo le feberu, empa e sebediswa hape e seinkgisamonateng le ditlolong tsa botle.

Tlhahiso ya oli ena e ya ka maemo a lehodimo, nako ya kotulo, maemo a dipalesa le mokgwa ya tlhwekiso. Ka nako e mahareng a kotulo, tlhahiso e feta qalong ya kotulo ha maemo a lehodimo a lokileng a ka eketsa tlhahiso. Oli ya rosa e monyollwa dipaleseng tse phodileng ka tlhwekiso ka phofudi ebile e hlahisa oli e tshehla e hwamang ho eba wekse ha ho bata. Ho ka monyollwa oli e ka etsang 1 kg ho dirosa tse phodileng tse 4000. Konkereiti ya rosa e hlahiswa ka ho monyollwa a heksane ebile hona ho hlahisa konkereiti ya rosa ya 1 kg ho tswa ho dialesa tse phodileng. Konkereiti ya mahlaku a rosa le yona e a hlahiswa.

Tlhahiso ya oli ya rosa e na le divithamini, dimenerale, dilwantshaoksetasi le dilwantshabohloko ebile e loketse matlalo a mefuta yohle, le letlalo le bobebe le le mafura. E thusa ka ho fedisa bokgubedu ebile e ngibetsa letlalo ka mokgwa o kgabane. Ho kenyeletsa, oli ya rosa e thusa ho phekolasoraesese le maqeba. Ka ho sebedisa oli ya rosa setlamising se moguthu kapa se batang hona ho ka fedisa ho ruruha ebile e ka bebofatsa dikerempe le mahlaba a lehatlelo.

E hlahiswa Hlohlolwane Foreisetata le sebakeng sa Hogsback Kapa Botjhabela, Rosa damascena e atleha dibaeng moo pula e nang haholo moo maemo a lehodimo a phodileng ka ha rosa e hloka mohatselo wa mariha hore dipalesa di thunye. Ka ha dipalesa tsa yona di thunya nakong e kgutswanyane, nako ya kotulo ke hang ka selemo.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.Translated by Seipati Mohapi