Oli ya Boloukomo

© Geekstreet

Boloukomo e ne e sebediswa ke matswallwa a Australia hobane ke tshitapetlo - e phekole maqeba, ditshwaetso tsa hlobo ebile e fedisa feberu ha batjhaena, bagereki, bayuropa le dingaka tsa Intiya ho lwantsha tshwaetso ebile ka baka la hore ke sekgohlola. Ho tloha mehleng ya 1880, dingaka di ne di sebedisa oli ya boloukomo e le tshitapetlo diopereisheneng.

Boloukomo ke sejalo se seng botswalla Aforika Borwa. Mahlaku a kotullwa dirapeng le masimong a lengweng ka boikgethelo. Mefuta e hlahisang oli e bohlokwa e lengwang Aforika Borwa keEucalyptus smithii, Eucalyptus dives le Eucalyptus australiana.

Oli ya boloukomo ke selwantshakokwanahloko ebile se phekola sefuba le ntaramane. Oli ena e thusa ho ho fedisa lethopho disaenaseng (ka ho arubela phofudi) ebile e sebediswa disoneng, ho phekola mahlaba a mesifa ebile ka ha e le selwantshakokwanahloko, e sebediswa dihlahiswang tsa ho hlwekisa. Ke sethibedi se kgabane sa dikokwanyana ebile e ka sebediswa ho hlapisa diruuwa le molao wa tsona. Ntho e bohlokwa ya oli ya boloukomo ke hore e thusa ka ho phekola mokgathala wa kelello ka ho hlahisa maemo a phodileng.

E le sentjhafats, e thusa ho fedisa mokgathala le kelello e lenama, ebilee ntjhafatsa moya mme e sebediswa ka diphaphosing tsa sekolo e le pheko ya monko. Oil ya boloukomo ha ea tlameha ho sebediswa ke basadi ba mmeleng, bana ba batho ba nang le kgatello ya madi e tlase, lefu la tswekere, mahfu a diphio, sebete le mala. Oli ena e ka tjha ebile e se sebediswe haufi le malakaba le dikerese.

Tlhahiso ya oli ya boloukomo ya Aforika Borwa ke 5% ya phepelo ya lefatshe. Dinaha tse bohlokwa tse hlahisang oli ena ke Tjhaena le Australia. Aforika Borwa, difate tsa boloukomo di hola KwaZulu-Natal le Mpumalanga mme tshebeletso e motseng wa Richmond, KZN.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.Translated by Seipati Mohapi