Nelson Mandela le mafumahadi a tsebahalang a Afrika Borwa ka Raymond Louw

© Eric Miller

Ho phahama ha nako e ntjha

Ho ne ho le thata ho bala menahano ya Nelson Mandela. O ne a le mofuthu le ka kamohelo e ntle moketeng wa hae lapeng, Mahlamba ‘Ndlopfu (ho phahama ha nako entjha), modingwana wa mehleng, moo basadi ba ditona kgolo le dipresidente ba neng ba le teng ka nako e le nngwe.

O ne a memme basadi le bahlolohadi ba baetapele ba ntwa ya tokoloho, hara bona ho ne ho ena le mohlolohadi wa Oliver Tambo mopresidente wa mehleng wa ANC, Adelaide le Albertina Sesuli mofumahadi wa motlatsa mopresidente wa ANC Walter Sisulu. Dihlopha tse pedi, sa makgowa le sa batho ba batsho le basadi makgowa le ba batho ba batsho ba balwanedi ba tokoloho ba sokang ba kopana pele.

Ba ne ba dutse ka dihlopha tse qaqolohaneng ha mopresidente a dumedisa ka kamohelo e mofuthu, “ke bana basadi ba tsebahalang”. Mme yaba ho akana Elise Botha, mosadi wa mopresidente wa mehleng Pieter W Botha, le Magda Diedrichs, mohlolohadi wa mopresidente wa mehleng Nico Diederichs.

Nakonyana feela dihlopha ka bobedi di ne di se di tswakane, ha a ntse a arolelana metlae le bona kaofela. Ho ne ho sena moo ho nang le tlhahiso ya hore o buwa kantle ho tsela.

Vorster o ile e tsa mantswe a senang tatso ka mora hore a thabise phatlalatsa mopresidente wa mehleng wa Malawi Hastings Banda le motshwari ya molaong Cecilia Kadzamira, moketeng wa bosiu wa mmuso Johannesburg.

Vorster ya itshireletsang o ile a hlalosa balateding ba hae hore o ne a dutse ka thoko ho mosadi wa motho e motsho moketeng “ e le mosebetsi wa lerato la naha bakeng sa Afrika Borwa”.

Lebala, empa seke wa lebala!

Lebaka leo mopresidente Nelson Mandela a neng a thabisa basadi, ke hore e ne ele tsela ya hae ya ho phepetsa naha. O itse e ne ele “tsela ya ho lebala tse fitileng”, ke nnete, e ne e le mokgwa o mong wa ho tlisa poelano ho MaAfrika Borwa. Puong ya hae, kganyeng ya tshehetso ya hae bakeng sa khomishini ya nnete le poelano e neng e reretswe ho tsepamisa maikutlo a yona ho diteko tsa matla mmuso a tsebahalang a matsatsi a kgethollo le karolo e fitileng ya kgethollo, e ne e bonahala e sa hlaka.

Empa e ne eka hantle ntle o ne a tsepamisitse maikutlo mekgweng le ho ananela batho bao ba ileng ba nka le ho tshaba melao ya kgatello. O ne a batla sehlohlopha sa bo radipolotiki ba Consevation le National Party le mekgatlo e mabifi jwalo ka Afrikaner Weerstandsbeweging hore ba tsebe hore ha ba lokela ho tshaba letho mmusong o motjha wa tokoloho le hore Afrika Borwa e fetile kgethollong mme e ka tobana le bokamoso e le setjhaba se le seng.

Empa o ne a sa lokela ho kopanya poelano le mosebetsi wa khomishini ya nnete. Mofumahadi Ntsiki Biko, mohlolohadi wa Steve Biko eo a ileng a utlwiswa bohloko le ho bolawa ke balebedi ba maponesa nakong ya dipotso tse kenelletseng, ba ne ba sena ho motlohela. O a hlalosa, “Re ka tshwarela, empa re seke ra lebala!”

Translated by Sibongile Sonopo

Lefa la Albertina Sisulu

Albertina Sisulu, o ile a bitswa mme wa setjhaba kapa Ma Sisulu, ke ka moo a neng a tsebahala ka teng bakeng sa ho lwantsha kgethollo ka har...more