Lefa la Albertina Sisulu

©Eric Miller

Albertina Sisulu, o ile a bitswa mme wa setjhaba kapa Ma Sisulu, ke ka moo a neng a tsebahala ka teng bakeng sa ho lwantsha kgethollo ka hara naha ya Afrika Borwa, le hoba molekane wa radipoloyiki, Walter Sisulu.

O tsebahala ka bokgoni ba hae ba boetapele le matla a hae a boikokobetso Trankei, le hoba qhoku e hlomphuwang e nang letshusumetso Afrika Borwa.

Ka mokgwa wa hae wa ho itholela le ho se bontshe kgahleho mmoho le hoba matla a sa kgemelang ha bonolo dilemong tsohle a phehella hoba mosadi ya etsang hofeta eo re loeklang ho mo keteka.

Moprsidente wa mehlang Jacob Zuma o mo hlalosa jwalo ka ‘Pilara’ ya matla e seng feela lelokong la Sisulu, empa le ntweng kgahlano le kgetello, jwalo ka ya sa tshwaneng le ba bang, nese, mokhaselara le emong wa barutehi ba baetapele le mothei wa demokrasi Afrika Borwa. Sisulu ka nako e nngwe o kile a re musuwe wa hae a ileng a re ho yena, “boitshwaro ba hao ke ba mosuwe wa sebele. Bo nale matla a fetang a ntho eo o e buwang”.

Ho bona ka moo a itshwereng ka teng, ha ho makatswe ke hore o kgothatswa ke mantswe ana. Lefa la hae dutse hodima tlhahiso tshotleho e telle ya ntwa ya kgethollo. O tshwere sebaka se ikgethang sa tlhompho baetapeleng ba MaAfrika Borwa. Ka pele pele ntweng ya tokoloho, yena le ba leloko la hae ba sutluwe ke mmuso wa kgethollo.

Le ha hole jwalo o ile a dula a itlamahantse ebile a sa tshowe, a lokisetsa mosebetsi wa hae wa naha e lokolohileng e senang kgethollo. “A leka, ba ne ba sa mo robe moya, ba ne ba sa mo befisi, ba ne ba sa hlole lerato la hae”, ho bolela Archbishop Desmond Tuti ka yena.

Translated by Sibongile Sonopo

Albertina Sisulu Ho tlotlwa bakeng sa dilemo tsa tshebetso

Albertina Sisulu ke e mong wa batho ba hlomphehang paleng ya Afrika Borwa. O ile a fumana ditlotlo tse ngata bakeng sa ditshebeletso le boit...more

Albertina Sisulu: Mme wa setjhaba

Ka mora hore Albertina a nyalane le Walter o ile kgukguna ka lerato la hae la dipolotiki. Ha a ne a kgukguna ho etellapele Umkhonto we Sizwe...more

Albertina le Walter Sisulu - Southern Sotho

Albertna Thethiwe o kopane le Walter Sisulu kgetlo la pele ha a ne a sebetsa Johannesburg General Hospital ka 1941. E ne ele radipolotiki ya...more

Albertina Sisulu O sebeleditse tokoloho ya Afrika Borwa

Ho sebetsa bakeng sa Afrika Borwa e lokolohileng. Albertina o ne a sa kena dipolotiking ho fihlela a kopana le Walter ka 1941. Le ka nako eo...more

Albertina Sisiulu Mosebetsi o ka thoko wa polotiki

Bophelo jwalo ba kwetliso ya ho ba mooki bo ne bo se bonolo. Albertina o ne ile a tobana le kgethollo ya basebetsi mmoho e keneng ka metso y...more

Albertina Sisulu: Bophelo ba qhoku

Ke ngwana wa Bonilizwe le Monikazi Thethiwe, o hlahile ka 21 October 1918, o hlahetse seterekeng sa Tsomo Transkei, Nontsikelelo Thethiwe o ...more