Albertina Sisulu Ho tlotlwa bakeng sa dilemo tsa tshebetso

©Eric Miller

Albertina Sisulu ke e mong wa batho ba hlomphehang paleng ya Afrika Borwa. O ile a fumana ditlotlo tse ngata bakeng sa ditshebeletso le boitlamo ho lwantsheng tokoloho:


Ka 1986 o ile fumana tlotlo ya bodulo ba Reggio nell’Emilia naheng ya Italy. Ka 1988 korantaya Lenasia, The Indicator, e ile ya tlotla leloko la Sisulu ka hoba baetsi ba ditaba ba selemo. O ile a kgethwa e le mopresidente wa World Peace Council e itshetlehileng Switzerland ho tlowa 1993 ho ya 1996.


Sena se ne se tlotla ka mosebetsi wa hae wa ho lwantsha kgethollo le ho ba mosebeletsi wa setjhaba. Ka 1994 e bile karolo ya pele ya palamente mme a sebetsa dilemo tse nne ha a ne a beya meja fatshe. O ile a fumana le tlotlo ho tswa ho mopresidente wa mehleng Nelson Mandela. Ka 1999 o ile a fumana tlotlo ya bongaka ho tswa yunivesiting ya Witwatersrand boitelong ba hae tokolohong le toka ka hara Afrika Borwa.


Ka 2003 o ile a tlotlwa bakeng sa dilemo tsa ho inehela ho phahamisa setjhaba sa MaAfrika Borwa ha setsi sa Soweto sa bana ba ditlhoko tse ikgethang se ne se rehellwa ka yena. Ka 2004 o ile a kgethwa e le wa bo 57 ya eo e leng MoAfrka Borwa ya moholo.

Translated by Sibongile Sonopo