Albertina le Walter Sisulu

© Eric Miller

Kopano ya pele

Albertna Thethiwe o kopane le Walter Sisulu kgetlo la pele ha a ne a sebetsa Johannesburg General Hospital ka 1941. E ne ele radipolotiki ya monyane ya hlwahlwa ka nako eo. O ne a dula a mo feeletsa ho ya dikopanong tsa Congress Youth League.

E ne ele yena feela mosadi a le mong ya yang dikopanong tsena le ha ne a ya bakeng sa tshehetso, e seng jwalo la e mong wa leleoko. Walter o ile a moswaswisa ka yona ka mora dilemo a re, “Amohela moratuwa, o ne o shebile feela mohlankana wa hao”.

Walter o kopa ho nyala

Bobedi bo ne tsamaya mebileng ya Johannesburg ka letsatsi leo a neng a kopa ho mo nyala. Walters o ile a nka letsoho la hae, a mosheba mme a mo kpa ho monyala. Ho tlowa mohlang ba neng ba kopana o ne nahanne ba tla nka nako nyana feela pele potso ya ho kopa ho monyala e ba teng. o ne a sa ikemisetsa ho utlwa karabo ya hae. O ile a mo tsebisa hore pele a nahana ho mo nyala ho nale seo a lokelang ho tseba ka yena. O ile a mmotsa hore ke eng mme o ile a mo araba ka hore o nale bana.

O ne a maketse hoo a ileng a tlohela letsoho la hae. “Ba ba kae?”. “Ba bararo”, o a araba. Sena se ile sa etsa monahano wa hae o sebetse ka thata. Ho nyala mosadi ya nang le bana e ne ele ntho e mpe setjhabeng. A leka ho phahamisa hlooho a botsa ka ho nyahama ba nale dilemo tse kae. Ke moo a ileng a hlalosa hore o nkile maikarabelo a botswadi baneng babo ka mora hore batswadi ba hae ba hlokahale. Walter o ne a kgahlehile.

O ile a tshepisa ho arolelana boikarabelo boo le yena ha ba nyalana mme ha a ka a mophoqa. E se nako e kae o ile a mema abuti wa Albetina ho tla Orlando East ho tla qetella dithuto tsa hae.

Pale ya lerato e kgolohadi ya Afrika Borwa

Albethina le Walter ba nyalane 1944 mme Nelson Mandela e ne motswalle wa sebele. Ba ile ba ba le bana ba bona (Max Vuyisile, Mlungisi, Zwelakhe, Lindiwe and Nonkululeko) mme ba hodisa ba bang ba bane. Ka 2003 Walter o ile a hlokahala ka matsohong a mofumahadi wa hae. Ba ne ba nyalane dilemo tse 59. Lefung la hae baradi ba hae ba ile ba mantswe a ho mo feeletsa bakeng sa mme wa bona:

"Walter, ke tlo etsang kantle ho wena? Ke ne ke tsohela wena hoseng, ke ne ke pehelela wena. O ne onkilwe ke lenyoloi la bobe la nako e fitileng nako fetileng, empa ke ne ke tseba o tla kgutla. Ha jwale matsoho a batang a lefu a o nkile mme ke sala ke sekgeo pelong yaka". Kamano ena ya ba ha Sisulu e nkuwa e le enngwe ya dipale tse kgolo tsa lerato tsa Afrika Borwa.

Translated by Sibongile Sonopo

Lefa la Albertina Sisulu

Albertina Sisulu, o ile a bitswa mme wa setjhaba kapa Ma Sisulu, ke ka moo a neng a tsebahala ka teng bakeng sa ho lwantsha kgethollo ka har...more