Haesale mmoane o lengwa ka dilemo tse balwang ka dikete; bopaki ba pele ba tshebediso ya mmoane bo fumanwe thepeng ya letsopa ya Taiwan ho kgutlela dilemong tsa 10 000 pele ho Kreste. China ya kgale, eo ho nahanwang e le lehae la mmoane, mmoane - se seng sa dimela tsa pele tse sebedisitsweng bakeng sa kgwele - o ne o sebediswa ho loha masela, dieta, pampiri le dithapo. Mmoane o ne o boetse o kgothaletswa bakeng sa mafu a fapaneng, ho kenyeletswa ho sibeha, ho ruruha manonyeletso le bolebadi.
Mefuteng e meraro ya sehlopha sa Cannabis, mmoane - mofuta wa cannabis sativa - e bile wa pele wa ho tlala lefatshe lohle, mohlomong ka lebaka la dikgwele tsa oona tse nang le thuso le peo ya teng e jehang. Ho na le bopaki ba temo e phatlaletseng British Isles dilemong tsa 400 pele ho Kreste moo semela sa mmoane se neng se sebediswa bakeng sa lesela (dikgwele tsa mmoane) hammoho le oli le dijo (peo ya mmoane).
Ho lemoswa ka ditlamorao tse tahang tsa mefuta ya cannabis e nang le THC ho ile ha hasana ho feta dihlopheng tsa bongaka le di-indasteri mme ya hlohleletsa ho sebediswa ha mefuta ya cannabis bakeng sa bodumedi le boithapollo.
Mmoane o ile wa tliswa Canada lekgetlo la pele ka 1606 bakeng sa tlhahiso ya dithapo le masela a sesisang dikepe mme o ne o qale ho jalwa USA lekgetlo la pele dilemong tsa 1630. Mmoane o ne o lenngwe haholo mme o sebediswa Amerika hoo ho neng ho hakanngwa hore halofo ya diaparo tsohle di ne di entswe ka mmoane pheletsong ya dilemo tsa 1700.
Ho fediswa ha bokgoba USA le ho lengwa ha k’hothone ho ile ha baka ho fokotseha ha ho lengwa ha mmoane bakeng sa lesela. Ho tlatseletsa moo, tshebediso ya mokedikedi wa patsi e theko e tlase ho etsa pampiri e ile ya sitisa le ho feta ho sebediswa ha mmoane. Le ha ho le jwalo, o ile wa nna wa sebediswa ho etsa pampiri ya kwae, di-Bibele le tjhelete.
E boetseng e fetoha le dinako ke mefuta ya mmoane wa “matekwane” e nang le THC e hodimo. Mefuta ena e nang le THC ho tswa borwa ba Asia e ne e sebediswa dithetefatsing tsa boithapollo empa ka bomadimabe, mmoane wa indasteri o ile wa amanngwa le ngwanabo oona o nang le THC.
Dilemong tsa 1930, kamora ho hlwauwa ha Henry J. Anslinger e le mokomishinara wa Narcotics Bureau e sa tswa thehwa, mmoane o ile wa phatlalatswa e le sethetefatsi se kotsi mme temo ya mmoane ya kotelwa thoko USA.
Dilemong tsa 1940, ho hlahisa le ho sebetswa ha mmoane ho ile ha tsosoloswa ha nakwana ho hlahisa pampiri, masela le thapo e le ho sebediswa ntweng ya bobedi ya lefatshe, empa mangolo a tumello a tlhahiso ya mmoane a ile a hlakolwa kamora ntwa.
Dilemong tsa morao tjena, ho bile le thahasello e ropohileng botjha ya mmoane lefatsheng ka bophara mme France e le yona e di hulang pele - ebile ke yona mohlahisi e moholo wa mmoane wa indasteri lefatsheng. China e ngodisitse mangolo a tshireletso a fetang 300 le Canada e kentse molaong ho lengwa ha mmoane bakeng sa peo le dikgwele ho etsa pampiri, masela, disebediswa tsa tlhaho le thepa ya ho aha.
Afrika Borwa, molao ha o hlalohanye pakeng tsa ho lengwa ha Cannabis (matekwane) le ho lengwa ha mmoane wa indasteri. Ntle le diteko tse mmalwa le ho kenngwa kgwebong ha mmoane dinaheng tse kang Canada, China le France, ho lengwa le ho sebetswa ha mmoane indastering ho ntse ho se molaong mme ho hlokeha mangolo a tumello a ikgethang ho lema semela sa mmoane.
Dihlahiswa tse amanang le mmoane Afrika Borwa di rekwa dinaheng tsa kantle.
Translated by Maletsatsi Sejake