Lippia Javanica Kgahlano le Dikokonyana

© Alice Notten of Kirstenbosch

Sefate sa se nkgang ha monate sa lefuba se welang lelokong la Verbrna, Lippia javanica, e leng sehlahal se patsi se kabang bolele ba 1-2m mme moriana o tummeng le hoba semela sa tshimo. Ka tlhaho se hola Borwa, bohareng le bophirimela ba Afrika. E bitswa hape lemonbush kapa ‘musukudu’ (Tshwna), ‘umsuzwane’ (Zulu), koorsbossie’ (Afrikaans) le ‘mumara’ ka Sesotho.

Dithuto tsa saense ho L. javanica oli e bontsha hore tekano ya tshebediso ya dithetefatsi e kenyeletsa sethibela mofetse, lefu la tswekere, malaria, dikokwana le kgatello. Makgasi, makala a robehileng le metso di sebediswa merianeng ya setso ke Maxhosa (ba e bitsa inzinziniba) jwalo ho etsa bophelo bo be foreshe kapa jwalo ka seno se matla ho laola ho hohlola le tshwaetso ya lefuba. O ka tlotsa tee a matla jwalo ka setlotsa mmele, e ka fokotsa makgopo le mengwapo yaba ya laola dinta le longwa.

E sebediswa mesebetsing ya setso hamotho a ile a sebetsana le setopo. Ho nale tumlo e reng e ka o sireletsa kgahlano le dikwena, letlo le dintja. E kopanngwa Artemisia afra, lippie e thusa ho laola lefuba, malaria le maselese mme e ka thibela le tshwaetso ya mala. Ho hema musi wa kutu e tjhang ho thibela ho lefu la ho kwalana le ho hohlola haholo. Musi hape ho leleka menwang, makgasi a sitsweng ha a tswakwa le metsi a sebediswa ho tebela dinta mme makala a robehileng a sebediswa e le bakeng sa moalo wa dikgoho lapeng ho balehisa ditshitshidi le bohlwa. Makgasi a sidilwa letlalong, kapa menyaho kapa e akgelwa mollong ho baleisa menwang.

‘Imbiza’ moriana o tummeng wa setso ho tswa L javanica le kgaka ya Knysna, e sebediswa ke MaZulu e le ho nyolla masole mme hape e laola mofetshe, lefu la tswekere, HIV/AIDS le TB. E ruile olie senang botsitso le monko wa o kang lamunu e bohla, ebolaya dikokonyana le dihahabi. E hola Afrika Borwa bakeng sa tlhahiso ya oili e hlokehang, e bolaya menwang e beswa jwalo ka kerese, e sebesdisa oli e entsweng ke CSIR e ikamahantse le tsebo ya setso.

Makgasi a nale ditshwelesa tsa oli qetellong mme difana monko o monate o matla ha sidilwa mmeleng. Makgasi le dipalesa di ntshuwa semeleng mme kutu e ntshwa bakeng sa oli e hlokahalang. Hangata ho boima ho fumana tatso e le nngwe jwalo ka ha tatso ya yona e fapana dipakeng tsa lamunu e bodila, sinamone, eucalyptus le mint mofuteng o tshwanang. Ho e sebedisi ho bolaya monwang bahlahisi ba likela ho phahamisa tatso ka kenya lemongrass kapa oli e likelang ho fumana tatso e nepahetseng ya ho bolaya menwang.

Sefate sa lefuba se hola ha bonolo hotswa peong le ho kgaoleng. Se hola ka pele, se rata letsatsi ebile se thabela mofuta ofe ka ofe wa mobu, dibaka tsa bokoloniale di ya sitiseha. E ya lengwa ebile e kotulwa ka bohla Mpumalang le profinsing ya Limpopo.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.

Translated by Sebongile Sonopo