Boholo ba nako, Afrika Borwa ke sebaka sa pula, ho tloha ka Pudungwana ho ya ho Tlhakubele, ha profense ya Western Cape e ba le pula e ngata mariha, ho tloha Motsheanong ho ya ho Phato. Hodima boholo ba Afrika Borwa, ho na le mohlala o tiileng o supang ho eketseha ha ho na ha pula ho tloha bophirima ho ya botjhabela. Hona ho bontshwa ke phapang ya ho na ha pula selemo le selemo pakeng tsa Port Nolloth ka bophirima, 50 mm, le Richard’s Bay, 1000 mm, tse lebatoweng le tshwanang ka botjhabela ba lebopo la lewatle.
Sehlaba se bohareng ba naha, diprofense tsa botjhabela ba Free State, KwaZulu-Natal, Eastern Cape le Mpumalanga,di fumana boholo ba dipula tsa tsona e le diaduma, di le matla. Dipula tsena tse matla di ba teng hobane dibaka tsena di na le motjheso o lekaneng lehlabula. Ka bokgutshwanyane, moya o mongobo ebile o futhumetse o a nyoloha, o phole, ebe o a qhibidiha le ho tsholoha e le diaduma.
Karolong e ka bophirima ba Afrika Borwa, pula e batla e le tlase hobane ha ho na mongobo o lekaneng sepakapakeng bakeng sa dipula tse matla. Hape, ha ho na sekgahla sa pula sa orographic dithabeng ho ithatika le mothati o bophirima. Lebaka e le hobane moya o hlahang leqhubung le batang la lewatle ha le na mongobo o mongata mme le meya e lebopong la lewatle e foka e ikamahantse le dithaba. Pula ya orographic e ba teng ha moya o mongobo o qobelleha ho fokela hodimo ka lehlakoreng la thaba.
Ho na ha pula e ngata Afrika Borwa ho ba teng botjhabela le borwa ba dithaba tsa Drakensberg, ho tloha Limpopo, ho kenella Mpumalanga le KwaZulu-Natal ho ya dikarolong tse leboya la Eastern Cape. Dithaba tse ding tse nang le pula e ngata di kenyeletsa thaba ya Outeniqua, dithaba tsa Borwa-bophirima ba Kapa le dithaba tsa Winterberg le Amatola, tse dikarolong tse hare tsa Eastern Cape. Dipula tse ngata dithabeng di bakwa ke dipula tsa orographic.
Dipula tsa orographic tsa dibaka tse dithabeng di bohlokwa haholo bakeng sa ho nosetsa dibaka tse ommeng haholo tsa temo mme ka dinako tse ding di le bohole ba makgolokgolo a dikilomitara. Bohole ba ho tloha dithabeng tsa Maluti/Drakensberg ho ya Eastern Cape, bo fepelwa ka metjha ho nosetsa dibaka tse bohareng le tlase ho noka ya Orange.
Mohlala o motle wa dipula tsa orographic bo ka bonwa Eastern Cape pela Alice. Palo-hare ya dipula tsa selemo le selemo Alice mosikong wa dithaba tsa Amatola ke dimilimitara tse ka bang 500, empa Wolfridge dithabeng, pula ya selemo le selemo e ka ba 1700 mm. E bongata bo tshabehang e Wemmershoek dithabeng tsa Franschhoek, moo palo-hare ya pula ya selemo le selemo e fetang 3000 mmm.
Pula e ngata KwaZulu-Natal le dikarolong tse leboya-botjhabela la Eastern Cape e bakwa ke moya o mongobo o mongata o tliswang ke leqhubu le futhumetseng la Mozambique. Ka dinako tse itseng ho ba le mahodiotswana a ba teng, a bakang dipula le dikgohola tse senyang haholo.
Dipula tsa mariha tsa borwa-bophirima le borwa ba Kapa di bakwa ke mahodiotswana kapa maqhubu a mohatsela. Maqhubu a mohatsela a kena Western Cape a hlaha bophirima, mme a fete profense ho ya botjhabela. Maqhubu ana a mohatsela a etsa ho be la matsatsi a pula e bobebe, empa palo-hare ya pula ya selemo le selemo dibakeng tsena e tlase. Lebaka le leholo la pula e tlase ke hore moya o mongobo o hlaha lewatleng le batang, mme hona ho bake mouwane o tlase.
Diphula tse tebileng
Mohlala wa bohlokwa o ikgethileng wa ho na ha pula dibakeng tse itseng o fumaneha diphuleng tse tebileng tsa Eastern Cape le KwaZulu-Natal. Diphula tsena tse tjhesang di na le pula e batlang e le tlase ho feta dibaka tsa dihlaba tse pakeng tsa tsona. Ka lebaka la motjheso o hodimo diphuleng, ho na le kgonahalo e hodimo ya ho fufulelwa ha mahlaku a semela le mouwane, mme hona ho hloka temo e nosetswang.
Phuleng ya Sundays, pula ya selemo le selemo ya Addo ke dimilimitara tse ka bang 390 feela mme motjheso o hodimo ka ho fetisisa Afrika Borwa o ile wa hatiswa Kikrwood ho 55˚C. Hape, botebong ba phula ya Keiskamma, palo-hare ya pula ya Dank den Goewerneury ke 390 mm feela empa ke 500 mm Middledrift, haufinyane empa kantle ho phula.
Komello hara lehlabula
Dibaka tsa pula ya lehlabula di arohantswe ka ho ba le mathwasong, mahareng, qetellong le kamora nako ha ho na ha pula. Hona ho bontsha kgwedi eo ho na ha pula ho phahamang ka yona eseng nako eo pula e qalang ka yona. Bohare ba Eastern Cape bo bontshitse mohlala wa bohlokwa o ikgethang wa ho na ha pula; ho eketseha hanyane ka selemo le ho eketseha haholo ho ya mafelong a lehlabula/mathwasong a hwetla. Dipakeng ho na le komello ya bohareng ba lehlabula. Pula e nang hanyane le dithemphereitjhara tse hodimo di bakela dimela tsa lehlabula tse holang tsietsi ya ho hlokeha ha metsi.
Dihwai di lokela ho ba le maano a mang le mekgwa ya tshebetso ho fokotsa tahlehelo le ditshenyehelo dimeleng ka nako eo phepelo ya metsi e fokolang. Dinyanyatsi tse thibelang fufulelwa ha mahlaku di ka thusa ho fokotsa ho tswa ha metsi dimeleng ka tsela ya ho fufulelwa. Dinyanyatsi tsena di ka ba theko e hodimo mme tsa ba le ditlamorao tse mpe jwaloka ho fokotsa photosynthesis. Boemong bo bobe haholo, difate di ka faolwa ho fokotsa mahlaku le ho fufulelwa ha oona. Sena se ne se etswa dirapeng tsa ditholwana tsa citrus sebakeng sa Letsitele ka komello ya dilemong tsa 1980.
Translated by Maletsatsi Sejake