Disirilamunu

© Louise Brodie

Disirilamunu, tse tummeng ka letlalo la tsona le lesehla le tatso ya tsona e bodila, ke tse ding tsa ditholwana tsa bohlokwa tsa citrus tse lengwang Afrika Borwa. Difate tsa sirilamunu di lengwa ho haola le naha mme dibaka tsa bohlokwa tsa tlhahiso di kenyeletsa Kapa Botjhabela, Kapa Bophirima le Limpopo. Mariha (ho tloha pheletsong ya Motsheanong ho ya ho Phato Afrika Borwa) disirilamunu di a kotulwa le ho romelwa dinaheng tse fapaneng, haholo United Kingdom. 

Sirilamunu ke tholwana e ratwang haholo malapeng a mangata ka lebaka le letoto la yona le le lelele la melemo ya bophelo le ho ba le thuso ka phaposing ya ho phehela. Ditholwana tsena tse matla tsa citrus ha se hangata di jowang di le sebopehong sa tsona sa tlhaho (ka tsela eo motho a ka jang lamunu) empa di ka sebediswa lerong, merong, dijong tse tswekere le tse seng tswekere le dinong tse ding.

Translated by Maletsatsi Sejake

Tlhahiso ya Sirilamunu

Disirilamunu di tswa Borwa-botjhabela ba Asia mme tholwana ena ya citrus e nnile ya hlomphuwa haholo ka lebaka la makgabane a yona a ho hlwe...more

Disirilamunu Afrika Borwa

Sirilamunu ya Kapa e letlalo le mahwashe ke mofuta wa kgale Afrika Borwa. E ne e tliswe naheng ke St Helen ka 1654...more