Dilemo tsa botjha tsa Nelson Mandela

Setshwantsho sa moshanyana ya bapalang

©Eric Miller

Qetellong ya 1950, Nelson Mandela o ne a itlamme ka ho teba mokgatlong wa ANC. E bile e mong wa batho ba matla ba mokgatlo wa batjha wa ANC, e leng se ileng sa b eya mokagatlo tseleng ya ho ntjhafatsa le phepetsa mmuso wa kgethollo ho tliseng phetoho ho boetapele ba 1949.


E ile yaba moithaopi ya eteletseng pele letsholo la bohanyetsi ka 1952, a ba a kgthwa ele moetapele wa profinsi ya Transvaal mme a qobellwa ho tswa ho yona ka qobello ke melao ya thibelo ya mmuso.


Ka 1956 e ile yaba a ahlolwa ka teko ka phethola mmuso. Ka ntle ho tsena tshohle setshwantsho sa moshanyana ya bapalang se ilesa mamarela Mandela.


O ne a sa tiya ha kalo dipolotiking e ne ele sehlwela sa ANC. O ne a fapane le baetapele ba bang: a le molelele, a ahehile mme a boheha, o ne a apara hantle, o ne a ena le serithi sa ho buwa le batho, a kganna koloi, molekane wa hae wa bobedi e motle, Winnie. Mme o ne a ena maemo a ikgethileng a ho ba e mong wa batho ba batsho eo e leng moemedi wa molao ya nang le mangolo.

Sebete sa ho buwa

Ha dilemo di ntse di ipaka, hore setshwantsho seo se neng nahanwa e ne e sena ho nnnete e tswelang pele. Mandela ka ho tseba le boitelo a ikenya ka hara pitsa ya madipotwana ya polotiki moo makgowa ka nako eo baneng bana le matla ohle ho fa motho ya neng a hanana le bona kapa a le sebete sa ho buwa kahlolo. Mandela o ne a se aile a ba letatso ya lekgotla la dinyewe moo ba neng ba etsa diteko mmoho le mosebetsi mmoho le yena wa ANC, OR Tambo.

Feme ya bona e ne ena le dikantore tse seng kae Chanceller House ha o tshele mmila moahong o moholo wa lekgotleng la dinyewe mmileng wa Fox, Johannesburg, mme haufinyana moahong o ka fatshe e ne ele dikantoro tsa ANC. Ho mhlahela makgotleng a dinyewe moo boholo e neng e le makgowa ho ne ho se bonolo.

Bo makgistrata ba ne a sa tsistsi, ba ba mabifi ha ba tlameha ho tobana le baemedi ba batho ba batsho. Ba ne ba lokela ho fumana mekgwa e metle ya lekgotla, empa ho ne ho hlakile hore ba bang ha ba rate ho tobana le batho ba batsho ka mokgwa o motle ebile ba ne bona ba sa lekane. Mandela ha ha ne a tlo kopana le bona lekgotleng o ne a ba lemekgwa e metle empa o ne a totobatsa seo a se emetseng.

Translated by Sibongile Sonopo

Nelson Mandela Prison Years by Benjamin Pogrund

Mandela le basebetsi mmoho le yena ba haufi ba ile ba tloswa Robben Island ho ya boemong bo bobebe tjhankaneng ya Pollsmoor lefatsheng le le...more