Dilemo tsa Nelson Mandela tjhankaneng ka Benjamin Pogrund

Letshwao la ho ba kgahlano le kgethollo

©Eric Miller

Ho Afrika Borwa mmuso wa makgowa Nelson Mandela e ne e le setshwantsho se lebetsweng. Sena se ne se etsahala le ho lefatshe ka bophara, dilemong tsa Revonia Trial New York Time e ne e phatlalatsa ditlaleho tse ngata ngata moo lebitso la Mandela le neng hlahella. Selemo se latelang, lebitso la hae le hlahetse ha nngwe, mme ke ka lebaka la Winnie Mandela.

O ne a sebetsa ka boitelo ho dula a phahamisa lebitso le diketso tsa hae, mme ka ho etsa jwalo a itlisetsa lehloyo la maponesa a balebedi. Ka nako e nngwe, ho bonahala e ka qeto e ile ya nkwa ke baetapele ba Congress Alliance mose ho tsepamisa maikutlo ho phatlalatseng lebitso la Mandela sechabeng hore a se lebalehe le hore mesebetsi ya hae e nne e hopolwe ebile e mo etse letshwao le sa lebaleheng.

Ho ile ha nka nako empa hanyane lebitso la hae le ile eba ka pele mme la eba letshwao la ntwa kgahlano le kgethollo. Ho ile ha iponahatsa ka tsela tse makatsang, moqebelo o mong e le hlabula ke ya kantorong tsa poso e bohareng Johannesburg ke lo romella Mandela lengolo tjhankaneng. Monna wa motho e motsho e ne e le yena thusang.

O ne a kgathetse, a tjhesa, a robetse ebile a beile hloho hodima letsoho. Ke ile ka mo fa lengolo, a lesheba ka leihlo le tenehileng, empa ha a hlokomela lebitso, a ba mafolofolo ka yona nako eo. O ile a dula hantle, ka mahlo a phatsimang, mme a mpha tshebeletso ya maemo a hodimo.

Bohlokwa ba Mandela bo ya hlahella

Ka nako ya 1970 le qalong ya 1980 mmuso wa kgethollo wa qala ho elellwa bohlokwa ba Mandela jwalo ka moetapele. Ha a ntse a hola mmuso wa tlelwa ke tshabo ya hore o tla shwela tjhankaneng mme e tlaba moshwela tumelo ya neng a le kgahlano le kgetholo diraling tsa lefatshe lohle.

Tsebiso e ile ya etswa ho yena hore otla ntshuwa ke motjhana wa hae, morena wa sehlooho Kaizer Mathanzima, le Johan Coetzee wa seponesa sa balebedi. Pehelo e ne e le hore Mandela a dumele ho tswa Afrika Borwa mme a lo phela Transkei, e bitswang lefatshe le ikemetseng la Bantustan e neng e eteletswepele ke Matanzima. Mandela a latola bosehla.

Mandela le basebetsi mmoho le yena ba haufi ba ile ba tloswa Robben Island ho ya boemong bo bobebe tjhankaneng ya Pollsmoor lefatsheng le leholo. Ho tlowa qalong ya 1985, diministara tsa dikhabinete tsa qala ho mo etela sephiring mme o ile a iswa ho mopresidente P.W Botha.

Metswalle e etela Pollsmoor

Ka mora dilemo ke etsa mangolo a dikopo, qetellong ke le ka dumellwa ho mmona metsotso e 45. Ke ile ka tsebiswa hore ke lokela ho mmona jwalo ka motswalle eseng moqolotsi, mme ke ile ka lokela ho tshepisa hore nkeke ka ngola ka yona. Ho ne hole thata ho nna, empa ke ile ka lokela ho etsa basebetsi mmoho le nna ba Rand Daily Mail ho amohela.

Ke ne ke se ke tseba molebedi wa mandela wa sele, Warrant Officer James Gregory. Dilemo lemo, re qala Robben Island, nna le mofumahadi waka, Anne re ne re romela diphuthelwana tsa dijo tsa dimenyemenye bakeng sa Mandela ka Keresemese. Ka lemo se seng, ke ile tsebiswa hore diphuthelwana tsena di tla arolelwa batshwaruwa bohle tjhankaneng.

Ke ile ka letsa kantorong e kgolo mme ka botsa ofisara, a dumela. ‘O bolela hore ha ke romela kilokramo ya dipompong e tla arolelwa batshwaruwa ba 1 400?’ ke botsa. ‘Eya’, e ne e le karabo . Ho ne ho hlakile ebile ho utlwahala, empa ho tlowa hoo, re ile ra dumellwa ho romela tjhelete e neng e iswa akhauntong ya tjhankane ya Mandela. Ka nako eo re ile ra romella le basebetsi mmoho le yena, Walter Sesulu le Govern Mbeki.

Mme ke ile ka jwetswa hore ka Keresemese ba tla etsa letoto la dintho tseo ba di batlang, mme molebedi wa tjhankane o tlaya supamaketeng e haufi ho lo reka. Ha re ya matsatsing a phomolo a selemo le selemo re tla ya le tjhankaneng ya Pollsmoor ho isa dimpho. Ke ne ke sebetsana le Gregory mme o ne a dula a le hantle ebile a thusa haholo.

Dipuisano tsa ditoro tsa sebele

Lapeng Johanneburg moqebelo o mong hoseng, Winnie a letsa a batla ho theola kgatello ya maikutlo, o ile a mpolella hore ho nale menyenyetsi e reng Mandela o nale mofetshe, mme o kopa ke etse bonnete ba taba eo ka potlako. Ke ile ka letsetsa Pollsmoor mme ka kopa Gregory.

O ile a ntiisetsa hore ha hona nnete tabeng eo, o ile a re o sa tswa bona Mandela mme o phetse hantle ebile o ne a eja dijo tsa hoseng tse nepahetseng. Gregory o ile a kopa ke fetisetse ditaba tseo ho Winnie, mme a tlatsa ka hore ho hobe haholo hore batho ba tsamaise ditaba tse senang motheo.

Ke ile ka mo leboha mme ka kopa hore a fitise ditakaletso tsa mahlohonolo ho Mr Mandela, mme a re o tla etsa jwalo. E ne e le toro mme ho le thata ho dumela hore ke buwa le molebedi wa tjhankane ka motshwaruwa wa 1 wa naha. Ke ile ka beya mohala fatshe mme kare ho Anne, ‘Ena ke puo e hlanyang ka ho fitisisa e ke qetang ho ba le yona’.

Ketelo ya teko

Ha ke ntse ke lokisetsa ho bona Mandela ke ile etsa qeto, ke tla buwa tsohle tseo ke batlang ebile nkeke ka dumella tshitiso fe kapa efe. Ke ile ka amohelwa tjhankaneng ya Pollsmoor mme ke ile ka amohelwa ke Gregory, mme a re bathabile haholo ke ho eta haka. Keile ka hlokomela hore ketelo ena yaka ke ya teko, ba tshwereng matla ba ne ba batla ho bona hore ho tla etsahalang hobane dilemo tsena tsohle hone dumelletswe feela leloko ho bona Mandela.

Ke ke tshohile ke maketse hore kennete, ke tla tsamaya ka melao kabang e teng. Se ke wa kgathatseha, ‘Monnamoholo o tseba se loketsweng le se sa lokelang ho buuwe ka sona ka maemo a tjhankane. E ne ele motsotso o ikgethang bophelong baka, ke ile ka dula setulong ka pela kgalase e kgolo. Nelson Mandela, ka matsoho a a tshwaretseng hodimo a kena a dumedisa.

O ile a dula ka lehlakoreng le leng la kgalase ra qoqa ka hara sepikara se fang mantswe a rona modumo o kareng ha o tswe ho rona. o ne a ena le moriri o moputswa le sefahleho sa hae se ne sele mela. Empa o ne a itshwere o otlolohile a shebahala matla jwalo ka ha ke ne ke mmona kgetlo la ho qetela, dilemong tse 20 tse fitileng. Ke ile ka otlwa ke seriti sa hae.

Enwa ke monna ya ile a hlekefetswa ka thata le nakong eo. O ne a buwa ka matla a taolo. O ne a le kokobeletsa Gregory mme Gregory le yena a ikokobeletsa yena, empa Mandela, motshwaruwa o ne a nkile taolo.

Maemo a Mandela a ya phahama

O ne a lokisitse letoto la dintho tseo a batlang re buwe ka tsona ha re kopana, o ne a batla ke mothuse ho hlwekisa tsela thuto ya barwetsana ba hae ba babedi, o ne a batla le ho tseba ka mefuta ya metswalle ya boholo holo. o ile a nkopa hore ke tsebise Dr Harold Seftel,eo e leng setsebi sa meriana ya Afrika eo ba neng ba kena mmoho yunivesiting ya Witwatersrand, hore o dula a mametse dikeletso tsa hae sealemoyeng.

Ke ile ka tsebisa Seftel hore Mandela o wa molatela mme ebile o fokoditse letswai dijong tsa hae. Ke lefatshe le lenyane hobane ke ne ke sa tsebe Harry Seftel, empa le kgaitsedi ya hae Dolly Levine, e ne e le motswalle ya re atametseng ebile ke yena ya re tsebisaneng le Anne. “Shidduch” Yiddish, mme o ile a re bolokela matsete lenyalong la rona le bana ba rona.

Ke ile ka letsetsa Seftel ka molaetsa wa Mandela mme o ne a thaible a nteboha, ‘Ke tlhohonolofatso en eo o mphang yona, ke tlhohonolofatso’. Mandela o ile a nkopa ke ete hape, ke eketse nako, empa a re a keke a mpona hape ebang ke sa tle le Anne. Ba ne ba soka ba kopana, re nyalane ka mora hore a tshwarwe, o ile a re o nale senepe sa hae leboteng la sele ya hae.

Re ile ra eta le Anne, ka Pherekgong 1986, dibeke tse seng kae pele ke lo dula Britain, mme kgetlong lena matla a Mandela a tshwailwe haholo. Re ne re na le dinomoro tsa kantoro ya ho eta mme colonel wa tjhankane o ne a dula ka mora tafole a ngola metsots, ho ne ho hlakile hore o ne ampa a etsa molao feela. Kgetlong lena ke ile ka lokela ho ngola ka nako hore ha kena ho ngola ka ho eta tjhankaneng.

Mandela o lokolotswe

Mmuso wa Afrika Borwa o ile wa tsebisa ka Labohlano hore Mandela o a lokollwa letsatsi le hlahlamang. Ka Moqebelo, ke ne ke ilo lokisa setulo setulo shopong e nyane ya diphahlo haufi le moo ke dulang teng West Hampstead, London. Ke ile ka kena mee kare ho ralebenkele ka thabo, ‘tsena ke ditaba tse monate tsa ho lokollwa ha Nelson Mandela kajeno’.

A nghalefela, ‘ke sekhukhuni. O lokelwa ho utliswa bohloko’. E ne e le mpe haholo empa ha ke yaka ka bontsha maikutlo a ka ka lebaka la hore ke Britain ka nako eo. Ke ile ka qeta letsheare lohle Sky TV, e fana ka kgaso e makatsang, ditshwantsho ho tswa lehlakoreng le kantle la tjhankane ya Victor Verster lehlakoreng la naha, le hotswa Cape Town Grand Parade moo Mandela a neng a buwa le dikete tsa letshwele.

Translated by Sibongile Sonopo