Cape Gooseberry, e bitswang “appelliefie” ka Afrikaans, e nka lebitso la yona lekgapetleng la yona le kang kgetla mme e se hobane e na le kgokahano le Cape Town e Afrika Borwa. Monokotshwai ona o kgauta o hlaha Peru, moo o ileng wa namela Columbia mme qetellong wa ya lefatsheng ka bophara. O ne o ntse o sebediswa e le dijo le ho etsa meriana dinakong bobusisi ba boholoholo ba Inca.
Mefuta ha e a lokela ho ferekanngwa le English gooseberry, oo e leng mofuta o fapaneng ebile o se na lekgapetla mme o le mofubedu, motala kapa mosehla. Cape Gooseberry, ha e le hantle, ha se gooseberry ho hang, empa ke karolo ya sehlopha seo ditamati, di-pepper le ditapole e leng ditho tsa teng.
Columbia haesale e okametse mebaraka ya matjhaba ka dilemo tse ngata, ka ho ba le seabo sa 99% ya ho romela kantle ho naha ha thepa. William Pulles, e leng monga polasi e kgolo ka ho fetisisa ya gooseberry: Keisie Valley Gooseberries, mme e le morekisi Afrika Borwa, o hlalosa ha ditjeho tsa tlhahiso di le tlase haholo dinaheng tsa Amerika Borwa, hoo dinaha tse ding di sa kgoneng ho phehisana.
Monokotshwai o hlahiswa mapolasing a manyane Columbia. Mapolasi ana a dihektara tse pedi ho ya ho tse hlano polasi kanngwe, moo boholo ba mosebetsi bo etswang ke ditho tsa lelapa ka botsona, ho bakang hore ditjeho e be tse tlase tsa mosebetsi. Hang kamora kotulo, monokotshwai o rekwa ke dik’hamphani tse kgolo mme o romelwe kantle ho naha ho ya dibakeng tse fapaneng lefatsheng ka bophara.
Di-Gooseberry tsa cape di ile tsa tliswa Afrika Borwa dilemong tsa 1770 hammoho le bajaki ba pele.
Di hlahiswa ho phatlalla le Afrika Borwa. Kapa Bophirima ke mohlahisi e moholo ka ho fetisisa wa di-gooseberry tsa cape mme e hlahlangwe ke Bokone Bophirima. Sehlahla se hola ho fihlela boleleleng ba mitara, se phela hantle boemong ba lehodimo bo batlang bo omme moo ho se nang pula,jwalokaha ho fumaneha Columbia le Peru. Di-gooseberry tsa cape di tshwanelwa ke tikoloho tse futhumetseng selemo ho pota moo ho sa tjheseng haholo mme ‘monokotshwai’ ona o thefuleha haholo ke tshenyo ya serame.
Sehlahla se kgona ho phela hantle mefuteng e fapaneng ya mobu, empa mobu o lokela ho kenela metsi habonolo mme o be le dihlahiswa tse ngata tsa tlholeho. Le ha di-gooseberry tsa cape di sa hloke metsi a mangata, ho nosetsa ho a hlokeha bakeng sa tlhahiso e ntle.
Gooseberry tsa cape di qala ho beha ditholwana dikgwedi tse nne ho ya ho tse hlano kamora ho jalwa. Ho tloha moo dihlahla di kotulwa beke le beke ho fihlela dikgweding tse leshome le metso e robedi mme kamora moo, tjhai e a fokotseha ebe dimela di lokela ho fetolwa ka sethopo se setjha.
Ho kotulwa ka letsoho hobane monokotshwai o lokela ho kgolwa o butswitse ka botlalo. Monokotshwai o emisa ho butswa, ho ya ka tatso, kamora hore o kotulwe. Monokotshwai o kotulwang o sa butswa o ka fetohela mmaleng wa kgauta, empa o ke ke wa hlabosa jwaloka monokotshwai o kotutsweng ka nako e nepahetseng ya ho butswa.
Ke mofuta o le mong feela o hlahiswang, o bitswang Physalis peruviana. Ka ho adima papiso ya William Pulles, di-gooseberry tsa cape di tshwana le ho ba ngwana eo eseng wa madi wa lelapa la monokotshwai, ka ho tsetela ho nang le moedi ntshetsopeleng ya peo e ntlafaditsweng. Boholo ba bahlahisi ba boetse ba jala ka sethopo ka ha hona ho le theko e bobebe ho feta dithutswana tse jalwang.
William o bokeletsa dipeo ho tswa dimeleng tsa hae tse ntle, tseo a di arolelang barekisi ba bang. Ditsi tsa dijalo tse ikgethileng di hodisa peo ho ba sethopo bakeng sa bahlahisi bana.
Tlhokeho ya di-gooseberry tsa cape e ne ntse e hola matjhabeng ka lebaka la tlhokomediso e eketsehileng ya melemo ya yona ya bophelo. William Pulles o boletse hore Nestlé e sa tswa reka e nngwe ya dik’hamphani tsa gooseberry Columbia hobane ba tshwaetse di-gooseberry e le ntho e kgolo mmarakeng wa dijo tse phepo e ntle haholo.
Kaofela di-gooseberry tsa cape tsa Afrika Borwa di rekiswa kahara naha, moo boholo ba ditholwana tsena bo kgelosetswang mmarakeng wa tholwana tse ntjha. Mmaraka ona, le ha ho le jwalo, o na le moedi hobane monokotshwai o theko e boima. Ho monokotshwai o lebisitsweng mmarakeng wa tshebetso, boholo bo sebedisetswa ho etsa jeme kapa o phehellwe metswakong e sebediswang yogatheng ya ditholwana.
Di-gooseberry tsa cape, ho fapana le monokotshwai o mong o mongata, di na le mafura a mangata, mme hona ho etsa e be bajari ba vithamin se qhibidihang mafureng A, D, E le K. Ntle ho mona, monokotshwai ona o ruile ka diminerale, protein, fibre le antioxidants.
Di-gooseberry tsa cape di ka jowa di le ntjha, tsa sebediswa dihlahisweng tse bakuweng, di hwamisitswe sehatsetsing kapa di sebeditswe ho ka sebediswa ho dessert, lero la ditholwana, yogathe kapa jeme. Monokotshwai kapa mahlaku a teng a tlalehwa a na le makgabane a ho thibela ho ruruha, ho bebofatsa tshilo, ho eketsa ho theoha ha boima ba mmele le ho thusa ho laola lefu la tswekere hammoho le kgatello e hodimo ya madi.
Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.
Translated by Maletsatsi Sejake