Cinsaut

© Glenneis Kriel

Tlhaloso

Cinsaut noir ke morara wa veine o sebediswang bonyane ho hlahisa veine e kgubedu le ya palesa, empa le maranti le port. Diteko di netefatsa hore e kanna ya ba lesea la Rivairenc. Boitsebiso ba batswadi ha bo tsebahale.

Tlhaho

Cinsaut noir ke mofuta Mediterranean. E hlahisitswe borwa ba France, haholo karolong ya Languedoc-Rousillon, ho tlowa bohareng ba dilemo tsa 1600, ke motswako wa morara.

Mabitso a Mang

E nale mabitso a mang a mangata, Cinsault le tsebahalang haholo. E ne e tsebahala ka Hermitage Aforika Borwa, hofihlela Dr Abraham Izak Perold wa yunivesiti ya Stellenbosch ka 1927 e netefatsa hob a mofuta wa Cinsault noir ya borwa ba france.

Tlhahiso Aforika Borwa

Mofuta ona o hlahisitswe Aforika Borwa ho tlowa ka 1850 mme e ile ya iketsa mokokotlo wa industeri yay a veine e kgubedu hofihla ka 1960 bokgoning ba tlhahiso ya yona. Sethatong e ne e etseditswe ho hlahisa ka bongata, empa ka mora nako le metswako e phahameng ya Aforika Borwa.

E ne le e nngwe ya dimela tsa mofuta o mokgubedu o lengwang haholo, ka makgetlo a fetang a tsheletseng semela se ile sa lengwa le tse ding tse tsheletseng tse hlahelletseng ka 1976. Mofuta ona wa tswa hoba thatohatsi ka 1990 ha balimi ba veine ba tsepamisa maikutlo ho hlahiseng veine e boleng e boreledi, qetellong Cabernet Sauvignon, Shiraz le Pinot toppling Cinsaut noir tlowa boemong ba hoba semela se jalwang haholo.

Mofuta ona o ile wa thabelwa ho ntjhafatsa ka dilemo tse seng kae jwalo ka moloko o wa balemi ba veine ba qadile leka mokgwa o motjha le ditsela tsa ho hlahisa Cinsaul kajeno, e emela diperente tse sa feteng tse pedi ka kakaretso ya tlhahiso. Ka 1925, e ile ya anela Pinot noir ho hlahsa mofuta wa nnete wa Aforika Borwa, Pinotage.

Sebaka sa Tlhahiso

Paarl le Breedeklof e nale sebaka se seholo se katlasa tlhahiso ya Cinsaut noir, e latelwa ke Swartland, moo e neng e bitswa ka lebitso la papadi eleng Pinot noir ka lebaka la sebaka sa veine ya boleng e neng e hlahiswa moo.

Kgolo

Mofuta ona o lokiseditswe ho hola ka mahlahahlaha ka mokgwa wa iketlileng le lesoba le lesesane. E ka hlahiswa ka mokgwa wa foromo kapa veine ya morung. E nale bokgoni bo boholo bah o hlahisa, o tlowang dipakeng tsa 16ha ho isa 20ha, empa e likelwa ho lekanngwa bakeng sa ditlamorao tsa boleng ba veine e nepahetseng.

Ho Butswa

Merara e butswa ho tlowa karolong ya pele ya Hlakubele.

Menokotshwai

Menokotshwai e melele ho feta menokotshwai ya mefuta e meng ya merara e mekgubedu. Di nale mmala o bolou bo lefifi ha e hlahisitswe ka tlasa maemo nonneng lee hoba lefifi le ho feta, e batlile e ba metsho ha e hlahisitswe ka tlasa maemo a mahlahahlaha. Letlalo le letenya le matla, dijo di nale lero.

Makgasi

©Glenneis Kriel
Makgasi a kgidikwe, a nale marete a mahlano le mmala o motala bo kganyang.

Dikokwana tse Senyang le Mafu

Mofuta ona o tshaba motjheso wa letsatsi le mohodi o ks etsang menokotshwai ho petsoha.

Tshebediso

Mofuta ona o hlahisa mofut wa veine o ikemetseng, empa o tsebahala ka bonolo le mofuta wa motswako, jwalo ka Carignan, Shiraz le Grenache.

Tatso

Mofuta ona o hlahisa veine ka tholwana e bonolo e nkgang ha monate e tlohang ka tholwana ya lejwe ho isa diberi le kgarenate. Diveine ka now aka dilemo tse tlase.

Translated by Sebongile Sonopo