Small-Spotted Genet
Tsipa e matheba e masesane

© Nigel Dennis

Lebitso

Tsipa e matheba e masesane – e tsejwa hape e le Tsipa [Genetta genetta]

Tjhadimeho

Tsipa e matheba e masesane e nyenyane ho feta tsipa e matheba a maholo. Matheba a teng ke a ikgethang a matsho le masweu a se nang mmala o mafome. Mohatla o na le ntlha e tsweu ha tsipa e matheba a maholo yona e na le mohatla o ntlha e ntsho.

Mmele kaofela o bosweu bo ditshila ka matheba a matsho a theang mela ho tloha hlohong ho fihla mohatleng. Mokokotlong ho na le meriri e metsho e melele. E na le dipetjhe tse pedi tse ikgethang tse tsweu ka tlasa mahlo, empa ha di tshwane le tseo tse molomong le pahleng. E na le dingwaparelo e honyelang. Mehatla a melele e ralaneng ka botsho le bosweu.

Dijo

Tsipa e matheba a masesane hangata e ja diphoofolo tse nyane le dikokwanyana. E ja bomankgane, dinonyane, dinqanqane, mafokolodi, diphepeng ka boholo empa ha e je ditholwana tse ngata ho tshwana le tsipa e matheba a maholo.

Boruo

E tswala bana ba babedi kapa ba bararo habedi ka selemo. E imana matsatsi a 70 ho isa ho a 77. Ditsebe le mahlo a madinyane a buleha ka mora matsati a 5 ho isa ho a 18. Meno a mohlahare a mela kgweding ya pele. Madinyane a ja dijo tse tiileng ka mora dibeke tse mmalwa empa a ntse a nyanya dikgweding tse latelang.

Boitshwaro

Hangata tsipa e matheba a masesane e phela e le nngwe, ke ka nako ya tswalo moo e bonwang le molekane. Di atisa ho phela moru o ommeng hape le dinokaneng. Di atisa ho robala difateng motsheare empa di fumanwa mekoting le majweng. Ha e phele difateng ho tshwana le tsipa e matheba a maholo.

Lehae

Leha mofuta ona wa tsipa e phela hohle Aforikaborwa, e atisa ho phela haholoholo dibakeng tse ommeng tsa Aforikaborwa. Ha e phele lebopong le bophirimane ba Namibia le mabopong a borwa ho fihlela a bophirimane a Aforikaborwa.

Dinoutu tsa naheng

Diphoofolo tsena di ka phela bathong haholoholo dibakeng tsa phomolo moo di atisang ho palama ditafole ka nako ya dijo ho utswa dijo.