Dikokonyana Tsesenyang Morara

© Prof Piet Goussard Winetech

Pono Kakaretso

Tshenyo e kgolo ya dikokonyana bakeng sa veine ya morara ke dikokonyana tsa phoofo tsa sefate sa morara, maleshwane o sefene le bohlwa. Dikokonyana tsena hape di nale kamano e atamelaneng, hobane taolo ya khemikhale ya e nngwe e ka bolaya ka tlhaho dira tsa e nngwe. Ka hoo dikokonyana di lokelwa ho laolwa mmoho. Dikokonyana tsena tse senyang tse seng kae di fumaneha tshimong ya sefateng sa morara le mme dikokonyana tse latelang e kaba mathata ka nako tse ding:
Dikokonyana tse senyang tsa morara
Diboko
Diperela tse kgidikwe
Dikokonyana tsa phoofo tsa sefate sa morara
Bohlwa
Maleshwane o sefene
Dikokonyana tsa dithungthung
Dikokonyana tsa semela se shweleng
Khofu

Phylloxera

Phylloxera ke ntsintsi e nyane e tala e phelang ka ho mobung mme ebo ja metso ya difate. E mafolofolo ka Lwetse ho ya Motsheanong. Ka tlasa maemo a itseng, e ja makgasi ebile e tsejwa jwalo ka nyoko ya bokatlase ba lekgasi. Ho tjheka le ho sheba metso ya difate tse fokolang eka hlahisa dikokonyana tse tshehla karolong e senyehileng ya metso. Phylloxera e etsahala hangata mobung o boima mme difate tse kenyeleditsweng di utlwiswa bohloko ha bonolo ke dikokonyana tse senyang. Difate tse kenyeleditsweng ke difate tse holang le metso ya tsona. Tsela e tlwaelehileng ya taolo ke ho sebedisi setoko sa metso se mamellang jwalo ka Ramsey.

Nematode

©Hans Hugo Winetech
Nematodes ke tsamaiso e nyane le senyang ya metso ya difate. Tse ding tsa nematodes di phela ka hara metso mme e ka baka lefito la motso, ha tse ding di phela ka tlasa lefatshe mme di hlasela metse kantle. Khemikhale ya taolo ya nematodes e lokela fela ho elwa hloko ka mora tlhatlhobo ya mobu le metso e lokela ho sebediswa jwalo ka ha ho kgothaleditswe. Jwalo ka phylloxera, nematode-setoko sa metso se mamellang se ka sebediswa. Dijalo tse ding tse African marigolds le oli ya peo (Raphanus, sativus subsp le Oleiferus) di thabisitse tshwaetso ho nematode tse ngata. Dikokonyana tsebolayang tsa nematodes ka kakaretso di nale tjhefu mme di lokelwa ho tshwarwa le ho tsamaiswa ka hloko mme ka nakotso di be ka tlasa tlhokomelo.

Translated by Sebongile Sonopo