Tlhahiso ya kgwebo ya kwaeyalekgwaba e jewang e eketsehile ho feta makgetlo a 30 ho tloha selemong sa 1978, ka shiitake (Lentinus edodes) e etsang 22% ya kwaeyalekgwaba ya lefatshe lohle. Kwaeyalekgwaba e nngwe e bohlokwa e kenyeletsa oyster, konopo le kwaeyalekgwaba e sootho (Agaricus spp) enoki le kwaeyalekgwaba e jowang ya hlobo ya jeli. Mefuta ena e mehlano ya kwaeyalekgwaba e etsa 85% ya kwaeyalekgwaba e lengwang lefatsheng lohle.
Ntle le ho lema sehlahiswa sa bohlokwa se ka bang le seabo kanetsong ya dijo, tlhahiso ya kwaeyalekgwaba ke thuso e kgolo dihlahisweng tsa temo tse kang monontsha wa dikgoho le dithutswana tsa koro.
Kwaeyalekgwaba ke mohlodi wa dijo o phepo e ntle o ka sebediswang ho na le nama mme e na le melemo e mengata ya bophelo le meriana. Hodima moo, kamora tlhahiso ya kwaeyalekgwaba, mobu o sebedisitsweng (monontsha wa kwaeyalekgwaba) o loketse ho ka nontsha mobu ka lebaka la bokgoni ba oona ba ho eketsa dihlahiswa tsa tlhaho mobung.
Ha se phoofolo ebile ha se semela, kwaeyalekgwaba e wela boreneng ba hlobo. Kwaeyalekgwaba ke sehlahiswa se nama sa hlobo e nang le kutu, hloohwana le masobana a ho phefumoloha empa ho ka ba le mefuta e se nang kutu. Kwaeyalekgwaba e holela sebakeng seo e se sebedisang e le mohlodi wa dijo hobane e se na chlorophyll mme ha e kgone ho hlahisa dijo tseo e leng tsa yona jwaloka semela.
Kwaeyalekgwaba e hlahisa peo e hasanngwang ke moya, ha kwaeyalekgwaba e setseng e holela sebakeng sa ho hola. Thoteng, sebaka sena e ka ba patsi e bodileng, empa mapolasing a kgwebo ya kwaeyalekgwaba, sebaka sena ke monontsha.
China ke mohlahisi (le moreki) e moholo ka ho fetisisa wa kwaeyalekgwaba ka ditone tse fetang 5 miliyone tse hlahiswang selemo le selemo. Italy (761 000 ya ditone), USA (390 000 ya ditone), Netherlands (301 000 ya ditone) le Poland ke bahlahisi ba bang ba bonahalang.
Afrika Borwa e hlahisa ditone tse ka bang 21 000 ka selemo (2018) ka halofo ya bahlahisi ba kwaeyalekgwaba ba Gauteng, 28% ba Kapa Bophirima le 17% ba KwaZulu-Natala. E nngwe ya kwaeyalekgwaba ya Afrika Borwa e rekiswa kantle ho naha, haholo dinaheng tsa boahisane tse kang Namibia le Mauritius.
Mohlomong polasi ya pele ya kwaeyalekgwaba Afrika Borwa e bile ya ngaka ya mahloko a basadi e leng Dr. Charles Kark sebakeng seo ha jwale e leng bohare ba Sandton. Hantlentle, molatswana o mathang sebakeng se setalana bohareng ba Johannesburg ba tshebetso ya tsa kgwebo se bolela ‘Silver Stream’ lebitso la polasi ya kwaeyalekgwaba le sebaka sa ho tshelwa ka makotikoting se neng se sebetsa hantle dilemong tsa 1950 le 1960. Se ile sa rekisetswa Tiger brands hamorao Tongaat Mushrooms eo ka nako eo e neng e se e kenyeleditse Denny Mushrooms.
The South African Mushroom Farmers’ Association (SAMFA) e ne e thehwe ka 1984 mme e sebedisa ditefello tsa botho bakeng sa dipatlisiso le ho rekisa.
Transated by Maletsatsi Sejake