Pele sehwai se ka qala ka temo ya dimela, se hloka ho sheba disebediswa tse fumanehang - metsi, lefatshe, ditjhelete le basebetsi. Sena se tla ama mofuta wa semela, nako ya temo le boholo ba ho lema.
Sehwai se boetse se hloka ho nka qeto ya hore semela se tla sebedisetswa eng - ho thibela kgoholeho ya mobu, ho ntlafatsa bophelo ba mobu, e le dijo tsa mehlape, e le dijo tsa batho, bakeng sa ho romelwa kantle ho naha kapa tshebediso ya lehae kapa e le semela sa ho etsa tjhelete. Le jwale, ditekanyetso tse kang mofuta wa boemo ba lehodimo, ho fihlella mebaraka, metjhini le tlhokeho le tsona di tla susumetsa temo ya dimela le diqeto mabapi le yona.
Metsi
Ho tseba hore o tla lema dijalo dife ho tla ya ka se ntseng se fumaneha. Na ho na le metsi a ho nosetsa, disebediswa tsa ho nosetsa, sediba sa maiketsetso kapa metsi a tlholeho jwaloka pula e nang kgafetsa? Boleng ba metsi bo jwang, phepelo ya metsi e dula e le teng mme semela se tla ikamahanya le mohlodi wa metsi?
Lefatshe le Mobu
Ke boholo bo bokae ba lefatshe bo teng? Na le a fumaneha bakeng sa mosebetsi kapa metjhini mme ke mofuta ofe wa mobu?
Tlhahlobo ya mobu ho tseba mofuta wa mobu, dimatlafatsi tse teng mobung le ho nona ha mobu hammoho le hore mobu o loketse ho lema dijalo, e bohlokwa. Nahana ka ho arola lefatshe ka dirapa tse nyane le ka terata ho dumella ho fulwa ka ho fapanyetsa, ho fokotsa boshodu le ho fihlellwa ke diphoofolo tsa baahisane le batho.
Ditjhelete
Ke ditjhelete dife tse fumanehang ho lema dijalo? Na semela se tla hloka tjhelete e ngata le hore ho tla feta nako e kae pele ho ka rekiswa kamora kotulo? Mohlala, bapisa ditjeho tsa ho theha masimo a mohlwaare a tla nka dilemo ho ba le phaello le ditjeho tsa ho theha hektara ya meroho e fapaneng, e ka kotulwang selemo ho pota. Leano le matla la kgwebo le a hlokeha ho fihlella ditjhelete tse kang ho adingwa tjhelete kapa tjhelete ya mpho.
Mosebetsi
Na temo ya dijalo polasing ya hao e tla hloka mosebetsi wa matsoho kapa metjhini e a fumaneha? Ebang basebetsi ba le teng, na temo ya dijalo e tla kopana le dikarolo tse ding tsa temo? Na metjhini e a fumaneha kapa e tla adingwa ka tjhelete? Ebang ho le jwalo, sheba ditjeho tsa mafura, meputso le bokgoni bo itseng bo jwaloka bakganni ba hlokehang bakeng sa semela sa hao se itseng.
Ho nka qeto ya dimela tse ka lengwang ho ka ba thata mme keletso ya mofani wa peo kapa ya setsibi sa moruo wa temo e ka ba ya bohlokwa.
Boemo Ba Lehodimo Le Semela
Boemo ba lehodimo polasing ya hao, mofuta wa mobu le pula di tla bontsha katleho ya semela. Mohlala, mabele le boditse ke dimela tse mamellang komello tse loketseng ho ka jowa ke batho le diphoofolo, ha boemo ba lehodimo bo mongobo bona bo ka dumellana le dibanana le tlhahiso ya mmoba.
Tshebediso Ya Dimela
Ka nepo, semela se tla ntlafatsa mobu, se fane ka dijo ho diphoofolo le batho hape le ho fana ka lekeno. Dimela di ka boetse tsa lengwa pakeng tsa dimela tsa ka nako tsohle tse kang difate tsa ditholwana, ho tsitsisa mobu o metheong le ho ntlafatsa ho kenella ha metsi mobung.
Dijo tse dithollo tse kang dinawa-tsa-Sesotho di eketsa nitrogen mobung. Ke semela se hlwahlwa se apesang mobu, se fanang ka makgulo kapa furu ho diphoofolo mme se ka kotulelwa mahlaku le peo tsa sona tse ruileng protheini tse ka jowang ke batho. Ka ho tshwanang, mabele e ntse e le semela se mamellang komello se eketsang dihlahiswa tsa tlholeho mobung mme a ka fulwa ke diphoofolo le ho kotulelwa dithollo tsa teng, ho etsa furu kapa bakeng sa tlhahiso ya bio-ethanol.
Theko Ya Dimela
Tlaleho ya ‘tlhahiso ya temo, tshebediso, ditheko, le kgwebo Afrika Borwa bakeng sa 2018 ho isa ho 2027’ ke Kantoro ya leano la Dijo le Temo (BFAP) e lepile mekgwa ya dimela Afrika Borwa.
Temo ya morao tjena ya masimo a dimela Afrika Borwa e supa diphetoho tse kgolo ho lengweng ha dimela. E bontshitse ha dimela tse kang poone e kgubedu (haholo jwaloka sejo sa diphoofolo) le dinawa tsa soy di eketseha, haholo ka ditshenyehelo tsa poone e tshweu, eo e leng dijo tse fumanehang habonolo. Sena ke ka lebaka la phaello e tlase bakeng sa bahlahisi ba dijo-thollo hammoho le tlhokeho bakeng sa dijo-thollo tsa diphoofolo ha dihwai di eketsa mehlape ya tsona kamora komello ya moraorao.
Kantoro ya Leano la tsa Dijo le Temo-Bureau for Food and Agricultural Policy (BFAP) e boetse e lepa hore pakeng tsa 2018 le 2027, ditheko tse phahamang tsa oli le phapanyetsano ya tjhelete ya ranta ya Afrika Borwa e ntseng e theoha ha ho bapiswa le ditjhelete tse ding, e tla eketsa ditjeho tse hlokehang tsa monontsha le mafura. Ka hoo, ho sebediswa ka nepo ha disebediswa tsena ka bobedi ho ka fokotsa ditjeho.
Ho kenyeletsa dijo-thollo makgulong kapa dimeleng tsa ho etsa tjhelete ho ka thusa ho aha dipolokelo tsa nitrogen mobung mme ho ka fokotsa ditjeho tsa monontsha wa nitrogen.
Translated by Maletsatsi Sejake