Taolo Dikokonyana Senyang Dijalo

© Marinda Louw

Mekgwa ya taolo ya tlhaho e kenyeletsa mefuta e sa tshwaneng ya kgetho, e kenyelletsang di pheromone, dintho tse lelekang dikokonyana le dira tsa tlhaho hammoho le 'dikokwana-hloko' tsa mmele. Ha ho na le mefuta e mengata ya mefuta e meng ya dikokonyana, hangata e le pontsho ya hore tekanyetso e senyeha. Kahoo, dikokonyana tse senyang dijalo di ka bonwa e le mokgwa wa tlhaho wa ho bontsha hore na ho ka etsahala diphetoho tse kae polasing.

Dikokonyana tseo re di bonang e le 'tse senyang dijalo' hangata di ba diphofu tsa dikokonyana tse ding tse molemo mme ho bohlokwa ho tseba, ho sireletsa le ho dumella dikokonyana tse molemo hore di ate. Dimela tse hohelang dikokonyana tse molemo ke lelapa la Asteraceae (jwaloka di sonobolomo), clover, yarrow e tlwaelehileng (Achillea millefolium), buckwheat le tse ding tse ngata. Mehlala ya dikokonyana tse molemo ke lesapo la bo maleshoane. Ke seboko se kang kgofu se ka bakang tshenyo e ngata ya dikokonyana tse senyang dijalo e le sekowa ka bo yona.

Di lacewings ke tsa taelo ya Neuroptera (lelapa la: Chrysopidae). Dihobe di etsa karolo ya bohlokwa ya dijo tsa tsona, empa dikokonyana tse ding tse kang di dikokonyana tsa mofuta wa hoaba, thrips, dintsintsi tse tshweu le di leafhoppers hammoho le mahe a dikokonyana di ya jewa. Mefuta e tlwaelehileng e hlaselang hoaba ka koro ke hoverfly (Eupeodes corollae) e nang le bohlaswa le botsho ka morao ho tshwana le dinotshi kapa bobi.

Ho na le dikhamphani tse hlahisang le ho rekisa dikokonyana tse molemo jwaloka di ladybirds (Chilocorus nigritus le Cryptolaemus montrouzieri), le dihlopha tsa dikokonyana tse bitswang Aphytis lingnanensis le Coccidoxenoides perminutus. Dikokonyana tsena di atleha ho di kokonyana tse lomang tsa mealy tsa sefate sa morara le di scales tse kgubedu. Dintlha tse latelang ke kakaretso ya dikokonyana tse tlwaelehileng le mokgwa wa ho di laola ka tsela ya tlhaho.

Red Spider Mite

Kokonyana e nyane haholo. E hlahisa tepo ya sekgo ka tlase ho makgasi ebe e nwa lero la semela. Red spider mite e atleha maemong a chesang mme e ka laolwa ke ho kopanya kapa ho fafatsa tlaase makgasi ka metsi.

Hoaba

Kopanya metsi le sesepa sa Sunlight se se tala ho etsa lekweba le lebebe. Le ka mohla o se ke wa sebedisa sesepa se hlatswang dijana kapa sesepa se tlosang matheba tse nang le dikhemikhale, empa Sunlight Liquid e sireletsehile ho e se sebedisa. Inela seponche kapa lesela le lenyane metsing ana a sesepa mme o hlakole ka ho hlaka hoaba ho dimela.

Pheta ketsahalo ena ka makgetlo a mararo ka letsatsi nako le nako. Di ladybirds di boetse di fepa ka hoaba mme hangata di phela dipaleseng tsa dihwete, fennel le coriander.

Dikokonyana le Bohlwa

Dikokonyana tsena ha di je dimela empa ka dinako tse ding di jara hoaba. Bohlwa ke ya lelapa le leng mme e ja difate tse kang tse sireletsang metso ya difate, kutu tsa difate esita le thepa ya ka tlung le lehong. Sila chidisi e omisitsweng e be phofo e ntle ebe o e fafatsa dibakeng tseo dikokonyana di sebetsang teng.

Dikgofu

Dikgofu di sebetsa mme di fepa bosiu. Di rata dibaka tse phodileng, tse mongobo le pata tlasa dimela tsa jareteng. Etsa hore sebaka sa tlhahiso se hlwekisitswe makgasi a shweleng le dithole tse ding. Fafatsa molora kapa dikgaketla tsa mahe tse pshatlehileng di pota-potile dimela, ho boloka dikgofu di le hole.

Dikgaketla tse bohale di senya mmele e bonolo ya dikgofu. Letswai la ditafole ke enngwe e bolayang dikgofu le tse ding tsa dikokonyana tse senyang dijalo tsa “mmele e bonolo”, empa boholo ba tsona bo ka lematsa ho nona ha mobu.

Nematodes

Nematodes ke dikokwana-hloko tse nyane tse hlahisang lero ho tloha metsong ya dimela. Mahe a tsona a etsa methapo ya metso e fokotsang kgolo ya dimela. Di node tsena di ka boela tsa etsa hore dimela di shwe. Tse sireletsang metso ya difate, manyoro ka ditlama le manyoro a manyoro di hlahisa dikokwana-hloko tse jang di nematodes. Semela sa hlabula sa dipalesa sa Afrika marigold se ka jalwa e le sekwahelo ha se kenya mokedikedi ka metso ya sona se chefo bakeng sa di nematodes.

E ka boela ya kotulwa nakong ya dipalesa mme ya nyanyatswa ho e ntsha. Mathata a baktheria ya Streptomyces a fepa dikokwana-hloko tsa mobu tse kang di nematodes le phylloxera mme ke moriana o ngotsweng o sebediswang kgahlanong le di nematodes.

Cutworms

Di cutworms di ja dimela tse nyane fatshe. Cheka ka hloko ka letsoho la hao mobung o pota-potileng semela mme mohlomong o tla fumana sebopeho se ikgarileng, se se tenya, se sootho sa seboko. Dikgaketla di ka silwa fatshe hantle mme di fafaditswe ho pota dipeo ho boloka di cutworms di le hole. Sopho e entsweng ka sekgahla e ka boela ya etswa ho thibela di cutworms, bona Diresepe tsa taolo ya tlhaho ya dikokonyana tse senyang dijalo.

Ditshwele tsa K’habeche le Ditshwele tse Ding

Tshwele ya k’habeche e beha mahe makgasing a k'habeche. Tlatsa kausi ya kgale e nang le motswako wa phofo le letswai le ho e sisinya makgasing a k'habeche. Motswako o monyane feela o wa hlokahala dibakeng tse ka hodimo le tse ka tlase tsa makgasi. Kgaola makgasi a dimela le ho di beha haufi le dimela tse nang le tshwaetso kapa kopanya kgabana ya letswai e 1 ka hara dilitha tse 2 tsa metsi bakeng sa ho nyanyatsa.

Dikgolabolokwe

Leka ho tlosa dikgolabolokwe ho dimela ka ho di nyanyatsa ka senyanyatso sa chidisi kapa konofolo. 'Lero la kgolabolokwe' le ka boela la etswa ho leleka dikgolabolokwe.

Translated by Bongani Matabane