Setso le Sebaka sa Dimela sa Richtersveld

Botle bo Tsejwang ke ba Mmalwa

©Shem Compion
Richtersveld ke sebaka se hole; se chesang, se omileng le se bonahalang eka ha se na bophelo. Se na le botle bo itseng bo tsejwang ke ba mmalwa, bonnete, empa ke hobaneng ha sebaka se jwalo sa nyopa se lokela ho tshwaneleha boemo ba Bohlokwa ba Lefatshe? Hantle, ho ya ka ditokomane tse hlophisitsweng ke mokga o kgethilweng, setsha sena se na le mekgwa ya tlhaho le ya setso e etsang hore e ikgethe. Ka mantswe a mang, ho na le dintho tse ngata ho Richtersveld ho feta ho kopana le leihlo pele.
Mabapi le bohlokwa ba setso, Richtersveld ke lehae la ditho tsa ho qetela tse setseng tsa moloko wa batho ba Nama wa Khoikhoi o ntseng o tlwaetse ho phela bophelo ba oona bo tlwaelehileng. Tsela ena e kgethehileng ya 'transhumance' e akarelletsa dihlopha tse nyane tsa malapa tse tsamayang le mehlape ya tsona ya dinku le dipodi ho tloha ka nako e le nngwe ya dihlahiswa ho ya ho e nngwe. Habohlokwa ke hore ba bang ba bona ba ntse ba dula diteng tsa bona tse tlwaelehileng tsa matjieshuise (mehaho ya lehlaka), tse tsejwang e le "mahareng a haru ka puo ya batho ba Nama. Tlwaelo ena le meetlo e sa tsitsang e theoha morao ho feta dilemo tse 2000.

Mefuta-futa e Tsotehang

©David Fleminger
Ditekanyetso tsa tlhaho tse tsotehang ka tsela e tshwanang. Ho sa tsotellehe pula e tlaase ya selemo le selemo, maemo a mangata a lehodimo a teng ho Richtersveld a dumellang hore mefuta e sa tshwaneng ya bophelo ba dimela e fokotsehe. Mefuta e 350 e atile sebakeng seo mme e na le dibaka tse fapaneng ka ho fetisisa tsa lefatshe tse nang le boriba (tse fumanehang haufi le Alexander Bay). Ho feta moo, Richtersveld ke karolo ya sebaka sa Succulent Karoo, se akaretsang dibaka tse ka bophirimela tsa Afrika Borwa le Namibia e ka borwa. Sebaka sena se pharaletseng se na le mefuta e fetang 5000 ya dimela mme hoo e ka bang 40% ya tsona, e kenyeletsa dimela tse makgasi a matenya a tletseng lero tse ngata tse sa tlwaelehang, e leng se etsang hore e be e nngwe ya di hotspots tse pedi feela tse omeletseng lefatsheng (e nngwe e le ka lenakeng la Afrika).
Leha ho le jwalo, e ne e le bohlokwa ba setso sa dihwai tsa batho ba Nama le mokgwa wa bona wa bophelo wa boholo-holo o ileng wa kgahla UNESCO le komiti ya yona ya dipatlisiso. Tlalehong ya bona, ba fumane hore sebaka sena se na le tekanyo e phahameng ya botshepehi tabeng ena. Mokgwa wa setso wa ho falla ha nako ya selemo o sa ntse o sebetsa, disebediswa le |haru oms di sebeliswa e le karolo ya bophelo ba letsatsi le leng le le leng, mme mofuta wa boiphediso wa mehlape o sebediswang ke batho ba Nama ke bopaki ba mekgwa ya kgale ya tsamaiso ya mobu e thusitseng tikoloho ya Succulent Karoo.

Lenane la Bohlokwahadi ba Lefatshe

©David Fleminger
Ho latela ditlhaloso tsena, setsha sa Richtersveld le setso sa Dimela se ile sa amohelwa lethathamong la Bohlokwa ba Lefatshe ka mekgwa ya meetlo iv le v, e leng:
Ho ba mohlala o ikgethang wa mofuta wa mohaho, setshwantsho sa theknoloji kapa sebaka sa tlhaho se bontshang (a) ditekanyetso tse bohlokwa historing ya batho.
Ho ba mohlala o hlaheletseng wa ho dula ha batho, ho sebediswa ha mobu, kapa tshebediso ya mobu e emelang setso (kapa ditlwaelo), kapa ho sebedisana ha motho le tikoloho haholo-holo ha e se e le tlokotsing tlasa tshusumetso ya ho se kgonehe ho fetoha.
Tsena di fetoleditswe ke UNESCO ka tsela e latelang:
Sebaka se setle sa dimela sa Richtersveld, se bopilweng ke ho ifepa ka ho fula ha batho ba Nama se emela le ho bontsha tsela ya bophelo e ileng ya tswela pele ka dilemo tse dikete ka karolong e kgolo ya Afrika e ka borwa mme e ne e le karolo ya bohlokwa historing ya sebaka sena.
Richtersveld ke e nngwe ya dibaka tse mmalwa karolong e ka borwa ya Afrika moo phetoho ya ho fula e ntseng e sebediswa: e le sebaka sa setso (se bontshang ho sebedisana hoa bohlokwa pakeng tsa batho le tikoloho ya bona) e bonahatsa ditlwaelo tsa nako e telele le tse tswelang pele tsa batho ba Nama, matswallwa sechaba. Mekgwa ya bona ya dihlahiswa tsa ho fula, e bolokang mefuta-futa ya dibaka tse fapaneng sebakeng sena, e kile ya ata haholo mme hona jwale e kotsing.

Botshepehi ba Sebaka

©Shem Compion
Jwalokaha ho bontshitswe ka hodimo, leha ho le jwalo, botshepehi ba sebaka sena bo kotsing. Hona jwale ho na le batho ba ka bang 300 feela ba ntseng ba tlwaetse mokgwa wa setso wa temo, mme bongata ba batho bana ba tsofetse. Sebaka sena se boetse se fetohile ho feta tekano, haholo-holo kahobane beng ba matlo ba kopane le batho ba Nama ho feta dilemong tse makgolo a mabedi a ho qetela mme sena se fokoditse mekgwa e mengata ya ho falla ha balemi ba dihlahiswa. Mesebetsi ya merafo e haufi le Orange River le Serapa sa Sechaba sa Richtersveld e ka boela ya senya, kaha sena se senya tikoloho le ditlwaelo tsa setso sa batho ba Nama, hangata di tlohang metseng ya tsona ho sebetsa merafong le metseng e haufi.
Ka lebaka la sena, sebaka sa sebele sa Bohlokwa ba Lefatshe se fokotswe ka boholo ho se bitswang Richtersveld Community Conservancy (RCC). Sena ke sebaka sa dihekthere tse 160 000 tsa mobu, o laolwang ke Sida !hub Community Property Association (CPA). E le hore e be e tobileng haholonyane, sebaka se phatlalatswang se lekanngwa ka leboya ke Dithaba tsa Vandersterr, le dithaba tsa Orange River le Nababiep e Botjhabela. Ho ya ka Borwa le Bophirimela, sebaka sena se na le dipampitshana tse eketsehileng tsa mobu.
Nakong ena, naha e hlollang ya Serapa sa Sechaba sa Richtersveld (e ka leboya ho Dithaba tsa Vandersterr) ha e kgeloswe sebakeng sa Bohlokwa ba Lefatshe hobane ho ntse ho ena le mesebetsi ya merafo e kenang meeding ya boikgathollo. Leha ho le jwalo, ho na le monyetla wa hore boemo ba Dibaka tsa Lefatshe bo fetisetswe ho serepa hang ha merafo e kwetswe mme naha e tsosolositswe. Sena se ka etsahala kapele ho eso ye morao hobane merafo e batla e kgathetse, mme ho se ho ntse ho ena le ditumellano sebakeng seo ho dumellang dihlahiswa tsa batho ba Nama hore di fule ka hara meedi ya serapa.

Translated by Bongani Matabane