Feela jwaloka pula, sefako ke mokgwa wa ho tsholoha ha metsi mme ho ka ba le seabo hore metsi a be teng sebakeng sa temo, empa ho ka boela ha baka tshenyo e tshabehang dimeleng tse holang, haholo dibakeng tse ratwang ke sefako Afrika Borwa.
Sefako ke dipolokwe kapa dikotwana tsa leqhwa tse boholo ba 3 mm ho ya ho 50 mm. Hobane ho bopeha ha sefako hangata ho hloka maru a nang le matla a hodimo a nang le diphetoho tse matla, sefako se amahanngwa le diaduma. Hangata sefefo sa sefako se etsahala nako ya metsotso e 15 mme se etsahala motshehare ho ya mantsiboya.
Afrika Borwa e atisa ho ba le difefo tsa sefako, hobane e le dibakeng tse mabatoweng a bohareng - ka dikgato tse bohareng tse pakeng tsa 30 le 60 tse leboya le borwa ba equator.
Sefefo sa sefako se hloka moya o matla o yang hodimo, leqhwa le lekaneng le metsi a phodileng haholo hore se be teng. Bakeng sa lejwana le le lenyane ka ho fetisisisa la leqhwa, ho hlokeha moya o matla o yang hodimo wa lebelo la dikilomitara tse 35-55 ka hora. Majwana a maholo a sefako, a boholo ba bolo ya golf, bophara bo dimilimitara tse 40, ho hlokeha moya o matla o yang hodimo o dikilomitara tse 90 ka hora ho ka bopeha.
Majwana a sefako a qala ho bopeha marothoding a hwammeng a pula kapa makumane a bonolo a leqhwa a bitswang graupel - ke makumane a lehlwa a thatafetseng. Hore marothodi a pula a hwammeng kapa graupel e be majwana a sebele a sefako, a lokela ho eketsa leqhwa ka mokgwa o bitswang accretion. Hore ho be jwalo, sefako se senyane se lokela hore se qete nako e teletsana marung a nang le metsi a mangata a phodileng moo themphereitjhara e leng ka tlasa 0˚C.
Majwana a sefako a wa ka lebaka la boholo bo eketsehileng bo sa kgoneng ho emelwa ke sefefo sa meya e lebang hodimo, kapa a ka tshwarelleha moyeng o lebang tlase mme a wela fatshe. Majwana a maholo a sefako a wa ka lebelo la dikilomitara tse 160 ka hora. Boholo ba sefako bo a qhibidiha pele bo fihla fatshe kapa bo qhalakanngwe ke sefefo se matla.
Sehwai ha se a lokela ho qhanolla ka temo sebakeng seo sefako se nang kgafetsa hobane sekgahla sa sefefo le ha e le se le seng sa sefako se ka ba le kgahlamelo e mpe haholo moruong wa tlhahiso ya dimela. Mohlala, bahlahisi ba morara ba sebakeng sa Waterberg profenseng ya Limpopo ba bang le sefako ‘hang’ ho ya hararo ka selemo, ba kenya matlowa a theko e hodimo ho sireletsa dirapa tsa morara.
Sefako se na haholo bohareng ba KwaZulu-Natal, leboya le bophirima ba Eastern Cape, bohareng ba Free State le dibakeng tsa Highveld tsa Gauteng, botjhabela ba Free State le Mpumalanga ho feta dibaka tse ding Afrika Borwa.
Ho na le dibaka tse ratwang ke sefako kapa ‘hail belts’ Afrika Borwa. Dibaka tsena di nelwa ke sefako kgafetsa ho feta dibaka tse di potapotileng. Sebaka sa Misgund se Langkloof Valley, e leng se seng sa dibaka tsa tlhahiso ya ditholwana tsa difate tse foforehang mahlaku, se nosetswang, ke sebaka se ratwang ke sefako, hoo ho bang le tshenyehelo e kgolo.
Sebaka se seholo se ratwang ke sefako se qala borwa ba mosikong wa dithaba tsa Winterberg profenseng ya Eastern Cape, ho tloha leboya la Somerset East ho ya leboya la Fort Beaufort. Dihwai tsa kgwebo tsa ditholwana di bile le tahlehelo e kgolo ka lebaka la difefo tse matla tsa sefako tse nang kgafetsa.
Eastern Cape, sefako sa Tshitwe le Pherekgong se tsejwa ka majwana a maholo ho feta mahe a kgoho. Ho boetse ho bohlokwa ho tseba nako ya sefako sebakeng se itseng ka ho qolleha hobane nako eo sefako se nelang semela ka yona kgolong ya sona, ho tlisa phapang e kgolo tshenyehelong e ka bang teng. Ka bomadimabe, lesedi le amanang le ho na kgafetsa ha sefako, dibaka tse ratwang ke sefako kapa boholo ba majwana a sefako, ha le fumanehe dingolweng tsa boemo ba lehodimo.
Translated by Maletsatsi Sejake