Ho qala Polasi ya Dikolobe

©Glenneis Kriel
Bakeng sa mosebetsi wa polasi ya dikolobe bakeng sa ho ba le dichelete hantle, balemi ba lokela ho fumana mmaraka bakeng sa dikolobe tsa bona le ho bala ditshenyehelo tsa tlhahiso pele ba kena kgwebong.
Ditshenyehelo tsa dichelete, naha, dihlahiswa tsa phepelo, dijo, mosebetsi, meriana, ho hlahloba dikolobe, tekanyo ya kgolo ya palo, palo ya dikolobe tse tswetsweng ka dihlopha, palo ya madinyane nyantshwang ka e tshehadi mme palo ya dikolobe tse shwang ke yona e ka sehloohong disoseng tsa susumetsang ditshenyehelong tsa tlhahiso.

Ditsenyehelo tsa ho Qala

©Glenneis Kriel
Ho qala thekiso ya dikolobe tsa kgwebo ho tloha qalong kapa ho di reka hodima sehwai se seng e ka ba morwalo o moholo wa dichelete.South African Pork Producers Organisation (SAPPO) ho bukana yona ya tlhahiso Pigs for Profit e na le dintlha tse latelang tse lokelang ho boloka ditshenyehelo: Bahwai ba ka qala ha nyane haholo, ka tse tshehadi tse mmalwa feela, e leng ho tla dumella balemi hore ba ithute kgwebo pele o nka dikotsi tse ngata tsa dichelete.
Ho ena le ho hodisa le ho hola polasing, dihwai di ka boela tsa fokotsa ditshenyehelo tsa ho qala le diphello tsa tlhahiso ka ho lebisa tlhokomelo karolong e itseng ya tlhahiso. Ba ka nna ba hlokomela le ho hodisa dihlahiswa bakeng sa setsebi sa balemi kapa ba rekang dihlahiswa dibeke tse tsheletseng ho isa ho tse leshome ebe jwale ba di hlahisa ho ya dilemong tsa ho bolawa.

Ditshenyehelo tsa Phepo

©National Pork Board and the Pork Checkoff, Des Moines, IA, USA.
Ho ya buka ya Danie Visser Modern Pig Production, ditshenyehelo tsa phepo di emela karolo ya 70% ho ya ho 80% ya ditshenyehelo tse fapaneng tsa tlhahiso ya polasi ya kajeno ya kgwebo. Bahwai ba ka fokotsa ditshenyehelo tsa phepo ka ho hlahisa le ho kopanya phepo tsa bona kapa ho batla dijo tse theko e tlase haufi le dihlahiswa tsa bona tsa tlhahiso. Ka mohlala, ba ka nna ba tswa ka dihlahiswa tsa leloala kapa makgapetla a phepo ho tloha sefateng sa Prosopis kapa sa ditholwana ho dikolobe.
Ho hlahisa dihlahiswa tsa bona tsa dihwai di tla hloka mobu o lekaneng wa ho etsa jwalo le ho nahana ka ditshenyehelo tsa tlhahiso ya sena, kaha ho ka nna ha hloka hore ho hlahiswe chelete e ngata le thepa yaa ho kopanya. Ha ho fepa dihlahiswa ho dihwai tse ding kapa dikgwebo tse ding, dihwai di boetse di hloka ho netefatsa hore dijo di hlwekile ebile ha di hlahise kotsi leha e le efe ya bophelo.
E tla boela e thuse ho buisana le setsebi sa phepo ya diphoofolo kapa setsebi ho thusa ho theha puso ya phepo e thehilweng mehloding e fumanehang le ho lwantsha ho haella ha dimatlafatsi. Dikolobe di ke ke tsa hola hantle haeba feela di fumane ditholwana kapa ditholowana tsa Prosopis.

Palo ya Diphoofolo Tse Rekiswang

©Glenneis Kriel
Ho rua molemo ho tla itshetleha haholo ka palo ya diphoofolo tse rekiswang, e leng yona e tla susumetswa ke palo ya dikolobe tse nkilweng ka sehlopha, lenane la ba tlokomoa ba hodileng ka peo le palo ya diphoofolo tse shwang pele di ka rekiswa. Palo ya dikolobe tse hlahisitsweng le ho tloswa ka madinyane di tla itshetleha ka mefuta ya dikolobe tse hlahiswang, ebang ke dikolobe tse feptjwang hantle le maemo a tlhahiso.
Ho latela Modern Pig Production, ka karolelano dihlopha tsa boholo-holo tsamaisong e matla ya tlhahiso ke dikolobe tse ka bang 11 ho ya ho tse 12, tse nang le dihlahiswa tse ntle ka ho fetisisa tse jereng dikolobe tse fetang 28 ka selemo se seng le se seng Afrika Borwa. Ho kgetha ho ikatisa ka hloko ho ka thusa ho matlafatsa palo ya dikolobe tse entsweng le ho kgolwa ka dihlopha hammoho le boima ba dikolobe ha di hlaha.

Translated by Bongani Matabane