Pokello ya Mantswe a Mefuta ya Mmutlanyana

© Karoline Steenekamp
Mona ke lethathamo la mantswe a sebediswang temong ya mmutlanyana le tlhaloso ya e enngwe le e enngwe ya tsona.
Tshobotsi e mabifi: Ho ba le mabifi (ho batla ho loma le ho qhaqha) tlwaelo e etswang ho batswadi ho ya ho tse nyane
Mealo: Bojwang, mafoforetsane a mapolanka kapa pampiri e kgabetsweng e sebedisetswang ho kwahela setulo sa mokoti kapa ho kenya ka hara dihlopha tsa dihlaha
Tlalellano: Dikahare tse ruruhileng ka ho fepa ka mokgwa o fosahetseng
Mefuta ya ditekanyetso: Tlhaloso ya hore na mefuta e lokela ho shebahala jwang. Diphoofolo tsohle tsa mefuta e meng di na le mefuta ya ditekanyetso tseo ho yona di ileng tsa ahlolwa ho yona
Bucks: Meutlanyana e tona
Terei ya ho tshwasa: Terei e behwng tlasa mokatong wa terata hore e tshwase manyoro le moroto
Ho faola: Ho tlosa makwalata mme ka tsela eo ho etsa e tona e hloke thari
Rema: Phepo e tala, lesere le furu e nnile ya kgaolwa
Coccidiosis: Bolwetse ba baktheria bo ka bolayang meutlanyana. Ho etsahala haholo ka dikwallwa tse kwaletsweng tse sa hlwekisweng hantle
Koloneng: Pokello e ngata ya meutlanyana e ka holang hammoho
Qubu ya manyoro: Pokello ya manyoro, mealo le dimela tse setseng di tlohetswe ho etswa le ho sebediswa serapeng sa meroho e le monontsheng
Dikopantshwa: Kopanyo ya diphepelo tse leka-lekaneng mme di behwa ka mochineng o etsang dipolokwe. E molemo, empa ke theko e phahameng ya tsela ya fepa meutlanyana
Dumellana: Tsohle di ya tshwana
Emolwa: Motsotso oo e tshehadi e bang mokgachane
Kwahela: Lentswe le sebediswang ho hlalosa ho tlolelana ha diphoofolo
Does: Meutlanyana e tshehadi
Mekato e mebedi: Dikwallwa tse mekgahlelo ka holima e mong
Eragrostis: Jwang bo botle bo omisitsweng ho etsa furu
Dikotlolo tsa phepo: Dijana le ditsamaiso tsa sebediswa ho fana ka phepo ka ho dikwallwa
Foster: Ho nka masea ka koketso ho tloha ho doe e lenngwe le ho wa fa engwe ho wa hodisa
Diphatsa tsa lefutso: Saense ya ho ithuta dintho tse kgethollang ho ikatisa
Ditho tsa botona kapa botshehadi: Ditho tsa thobalano
Phepo e tala: Ho na le meroho leha e le efe kapa jwang e ncha ya phepo
Furu: Jwang bo omisitsweng
Furu ya Ricks: Setsi sa terata se sebedisetswang ho fula furu bakeng sa phepo
Haunches: Maoto a kamorao a mmutlanyana
Ho jella lapeng: A hlajwa ho fepa lelapa e seng ho se rekiswa
Ditshelo: Dikotlolo tsa phepo tsa othomathike
Hutch: Sekwallwa seo mmutlanyana o bolokilweng teng
Karete ya Hutch: Poloko ya ditlaleo e beuweng sekwalleng
Ho itshireletsa: Ho sireletseha ho tshwarwa ke bolwetse
Ho eketsa: Ho tlisa ho tswa naheng e nngwe kapa sebakeng se seng
Matswallwa: Diphoofolo tse simolohang sebakeng seo di dulang ho sona
Mosebetsi o matla: O hloka mosebetsi o mongata ho fumana ho nepahetseng
Madinyane: Sehlopa sa madinyane a meutlanyana ho tloha ho mme a le mong
Matheka: Mosifa o theohelang mokokotlong wa mmutlanyana moo maoto a kamorao a kenang mmeleng
Malocclusion: Meno a robehileng kapa a senyehileng
Ditshwelesa: Ditlhoko tse fanang ka lebese ho masea
Mastitis: Tshwaetso ya ditshwelesa
Ho tlolelana ha diphoofolo: Ho ikatisa ha tse tona le tse tshehadi
Morupelli: Motataisi kapa tichere
Myxomatosis: Lefu le bolayang leo re se nang lona Afrika Borwa
Lebokoso la sehlaha: Setshelo seo doe e nang le madinyana ho sona
Matswele: Karolo ya tsamaiso ya sehlahiswa seo masea a nwang ho sona
Ho cheseha: Doe e loketseng ho tlolelana ha diphoofolo
Tatso: E latsweha ha monate
Karolo: Karolo ya ka hare ha sekwallwa ho etsa dibaka tse pedi ho tswa ho e le nngwe

Dipolokwe: Motswako wa phepo o sebetswang bakeng sa taolo e bonolo
Senonnori: Phoofolo leha e le efe e ratang ho bolaya le ho ja meutlanyana tse kang dintja, dikatse, dinoha, diroto
Bana: Masea ho tloha e le nngwe kapa sehlopha sa diphoofolo
Tse ngata: E ka hlahisa masea a mangata.

Roughage: Furu kapa phepo e tala e seng ho dipolokwe

Ya morao: Letjolo ho leba qholong

Mafoforetsane a mapolanka: Lerole le ho seha mapolanka

Mofutso: Ho hlwekisa letlalo ka molala
Ho kopanela diphate: Ho arola tse tona ho tloha ho tse tshehadi ka kgweso.
Sleek: Diphoofolo tse matla, tse kganyang le tse phetseng hantle
Stock: Tsa ho ikatisa ha diphoofolo
Modisa: Motho ya atisang ho utlwisisa setsha sa hae
Teff: Jwang bo atisang ho fepelwa tshobotsi e phahameng ka ho fetisisa ya furu
Sebaka sa tshireletso: Ho sireletsa sebaka sa hao
Bolwetse ba Viral Haemorrhagic: Bolwetse bo sa bolayang empa eseng Afrika Borwa
Vulva: Ditho tsa thobalano tsa botshehadi
Metswele a metsi: Karolo ya metsi a tlwaelehileng a mmutlanyana a nuwang
Kgweso: Ho nka sehlopa tsa masea hole le bo mma tsona

Translated by Bongani Matabane