Muscat de Frontgnan
Muscadel

Tlhaloso

Mascadel Afrika Borwa o bolelwa e le mofuta wa Muscat de Blanc a’ Petite Grains, eo ha e hlaloswa e bolelang Muscat o mosweu ka menokotshwai e mesweu. E hlaloswa e le mofuta wa veini o leng kgale o le teng. Afrika Borwa e hlahisa setlabolane se se sweu mofuta le tukisetso, e leng e tswanang le mofuta o mosweu ntle le hob a le menokotswai e mekgubedu. Botlaseng e sebedisetswa ho hlahisa veine ya qhobosheaneng.

Tlhaho

Tumelo e tummeng ke hore Maroma a nkile mofuta wa kgale wa Greek ho o isa Frans, moo e neng e le lenngwe ka bongata Frontignan. Mofuta wa lebaka lena o tsebahala jwalo ka Muscat de Frontinana.

Mabitso a Mang

Ntle le Muscat de Blanca Petite Grains le MuscatFrontignana, mofuta o mosweu o tsebahala jwalo ka Gelber Muskateller naheng ya Germany le Muscat Canelli naheng ya Califonia. Mofuta o mokgubedu o tsebahala ka Brown Muscat naheng ya Australia.

Tlhahiso Afrika Borwa

Muscadel e ne ee hara mefuta e meng e hlahisitseng veine ya pele Afrika Borwa, morao ka 1659, ka mora dilemo tse seng kae Jan Van Riebeeck a fihla Kapa. Muscadel o mosweu le omukgubedu mmoho le Pontac e tsweu, Frontinac etshweu le Steen di ne dile hara mefuta e beileng veini ya tswekere ya tlhaho ya Constantia mmapeng dientjhuring tsa bo 18 ne 19.

Veine e ile ya tuma mose ho mawatle, thatohatsi makgotleng a borena Europe, eileng ya etswa thotokiso e etswang di roki tse tummeng le bangodi. Jane Austen waMrs Jennings wa sense le sensibility, mohlala, ha Charles Baudelaire thotokisong ya hae (les fleur du mal) ha a ne a bapisa le kgohedi ya lerato la hae.

Nako o e tlile ka pheletsong ha Phylloxera, ha kokonyana ya sap e hlasela difate naheng, e otlile Afrika Borwa ka 1988. Ho tloha hoo, difate di tsa faolwa ho tswa dikutu tsa metso tse neng di sahlaselwe ke dikokonyana, tseo di ileng tsa iswa North America.Afrika Borwa e ne ele e nngwe ya dinaha tse seng kae tse sentjhuring y abo 20 e neng e hlahisa veine ya Muscade e kgubedu ho feta e tswheu. Maemo a ile a fetoha ka mora nako, aqetella e arotswe dikoto tse pedi ho tlowa mohlang oo.

Sebaka sa Tlhahiso

Le ha sebaka se sa hlahise hantle ka dilemo lemo, empa serapa difate tsa morarai se dula se fumaneha dubakeng ngata tse hlahisang ka hare ho naha.

Robertson Valley e nale dirapa tsa difate tse ngata tsa Muscadel, tse itshetlehileng hodima halofo ya sebaka se sa hlahising hantle. Veine e tshweu e tswa ho alkalineng e nyane, mobung o nonneng wa Klein Karoo, ha mefuta e sebetsa hantle mobung o kopaneng. Mefuta en aka bobedi e rata maemo a lehodimo a futhumetseng a ommeng a lehodimo.

Kgolo

Mofuta ona ha omafolofolo jwalo ka motswala wa yona, Muscat d’ Alexandrie (e tsebahalang jwalo ka Hanepoot Afrika Borwa). E hola ho fihla boholong ba dihectara tsa 15-20, le tlhahisoya yona e butle.

Ho Butswa

E butswa qalong ya mahare a sehla, ho tlowa bekeng ya boraro ya Hlakubele.

Menokotshwai

Mofuta ona o monyane ho isaho itekaneleng ka boholo, menokotshwai e kgidikwe. Mofuta o nale mmala mosehla bo botala, ha mmalawa wa mofuta o mokgubedu otlowa ho o kganyang hoy a o mokgubedu bo tebileng, mme ho itshetlehile ho disele.

Makgasi

Makgasi a tsona ka bobedi ke mofuta o motala bo tebileng, o none le marete a mararo. Disinyi le mafu Mofuta ona o ratwa ho senngwa ke letsatsi e bile tshaba bosweu bo rusitseng le hlobo,hlobo, kokwana e jang difate le ho bola.

Tshebediso

E sebediswa botlaseng bakeng sa tlhahiso ya veini e kgubedu le ya qobosheane mme e rekiswa ka tlasa labole ya Muscadel. Bonyane ba yona bo sebediswa bakeng sa tlhahiso ya veine e tswekere.

Tatso

Veine ena e nale monyetla o moholo wa ho tsofala. Tseo di etseditswe ho nowa hoseng mme di kaba le ditatso tse ngata morara le palesa, ha tse dumellwang ho hola di ruile ebile di tiile, ka tatso ya tholwana ya manyepa, karamella le tofe.

Translated by Sebongile Sonopo