Metsi a ka ba teng ka mekgwa e meraro: a tiile jwaloka leqhwa, e le mokedikedi, kapa e le moya jwaloka phofudi. Mouwane ke mokgwa oo metsi a mokedikedi a fetolelwang phofuding ya oona. Mokgweng ona, metsi a tloswa sebakeng sa mouwane - dibakeng tse kang mawatle, matsha, dinoka, mobu le dimeleng tse metsi.
Mouwane o tswang mawatleng kapa matsheng o tla qetella o bakile pula, empa mouwane o hlahang matamong a bolokang metsing a etseditsweng ho fepela metsi a ho nosetsa ke bothata bo boholo. Matamo a maholo a sa tebang, a dibakeng tse tjhesang ebile di omme, ha a na thuso.
Ho hlokeha matla ho fetolela metsi ho phofudi. Mahlasedi a letsatsi a fana ka matla ana, empa ho na le dintho tse mmalwa tse supang sekgahla sa ho ba teng ha mouwane.
Themphereitjhara
Dithemphereitjhara tse hodimo di eketsa sekgahla sa mouwane.
Mongobo
Moya o ommeng o eketsa sekgahla sa mouwane.
Moya
Moya o tjhesang e bile o omme o tla nka sebaka sa moya o mongobo mme hona ho potlakisa mouwane. Sena ke ntlha ya bohlokwa mererong ya ho nosetsa ya Lower Orange River, Vaalharts, Riet River le Sandvet dibakeng tsa temo tse fokelwang ke ‘berg winds.’
Moya o phodileng, o mongobo wa lewatle le batang o eketsa mongobo mme o fokotsa sekgahla sa mouwane.
Afrika Borwa e dutse bohareng ba latitudes. Dibaka tsena tse futhumetseng di na le dikgato tse ka bang 30 ho ya ho 60 ka borwa le leboya la equator. Hodima moo, Afrika Borwa e na le motjheso o phahameng le mongobo o tlase, mme tsena tsohle di na le seabo sekgahleng se hodimo sa mouwane.
Kgonahalo ya mouwane dibakeng tsa temo tse fumanang pula ya dimilimitara tse 500 ka selemo, e pakeng tsa dimilimitara tse ka bang 2 000 le 2 600 ka selemo. Bapisa sena le e bohareng ba Yuropa, eo le yona e bang le pula e lekanang le yona eo. Sebaka sena se na le kgonahalo ya sekgahla sa mouwane ya 300 mm ka selemo, e leng pula e ngata. Naheng ya Afrika Borwa mouwane o ka tloha ka tlasa 1 400 mm ka selemo dibakeng tsa Drakensberg/Maluti ho ya ho palo e fetang 2 800 mm ka selemo dikarolong tsa Kalahari. Ho na le dikamano tse fapaneng pakeng tsa palo-hare ya pula le palo-hare ya mouwane; ha pula e na haholo, mouwane o tla ba tlase.
Ho bohlokwa ho elellwa hore kgonahalo ya mouwane o phahameng e dibakeng tseo merero ya ho nosetsa e leng teng jwaloka Lower Orange River, Vaalharts, Douglas, Rama le Barkley West.
Metsi a teng mobung o na le seabo sa bohlokwa tahlehelong ya metsi ka mouwane. Mouwane o boetse o ba teng mobung o 15 cm ho ya ho 20 cm ya mobu o ka hodimo. Mouwane o a potlaka mobung o ka hodimo, mobung o nang le metsi a loketseng masimo. Matla ana, ke metsi a salletseng mobung kamora hoba metsi a phophomang a tswe mobung. Masoba a maholo mobung a tletse moya le metsi ha masoba a manyane ona a tletse metsi.
Ha o nosetsa, leka ho fokotsa sekgahla sa mouwane. O ka etsa sena ka ho eketsa matla a mobu. Nosetsa haholo kamoo ho kgonehang kateng mme o eme nako e telele kamoo ho kgonehang kateng pele o nosetsa hape- kgefutso e telele pakeng tsa dinako tsa ho nosetsa. Ela hloko meedi ya ditlhoko tsa metsi tsa semela. Sena se eketsa nako eo mobu o fihlelang matla masimong mme o ka kgona ho fokotsa sekgahla sa mouwane.
Le ha ho le jwalo, ho boloka mobu o ka hodimo o le metsi ka ho nosetsa kgafetsa ha bobebe ho baka tahlehelo ka tsela ya mouwane. Ho sebedisa mulch le mekgwa e tshwanang ya ho kwahela/sireletsa mobu, e ka sebediswa ho ho fokotsa sekgahla sa mouwane mobung o ka hodimo.
Mouwane le ho fufulelwa di ka etsahala ka nako e le nngwe. Mouwane ke tahlehelo ya metsi mobung o ka hodimo ha ho fufulelwa e le tahlehelo ya metsi ka tsela ya phofudi mahlakung a semela.
Ka nako ya ho jala, e ka ba mouwane kaofela wa evapotranspiration iso etsahalang mobung., empa ha semela se ntse se hola, boholo ba mobu bo kwahelwa ke mahlaku a semela. Ha mahlaku a se a kwahetse ka botlalo, ke ho feta 90% ya evapotranspiration ce etsahalang ka ho fufulelwa ha semela.
Kgonahalo ya evapotranspiration ke sekgahla sa evapotranspiration ho tswa jwanng bo inahanelwang feela ka makgabane a itseng mme bo sa haellwe ke metsi. Sena se sebediswa e le motheo wa ho lekanya metsi a hlokwang ke dimela tse ding kaofela.
Translated by Maletsatsi Sejake