Mefuta-futa ya Tshireletso ya Hlahiso ya Dikgoho

© Chris Daly

Mefuta-futa ya tshireletso e bonwa e le leqheka la pele la tshireletso kgahlanong le mafu a dikgoho. E akarelletsa mehato e fapaneng ya ho thibela dinonyana hore di se ke tsa kopana le dikokwana-hloko tse nang le malwetse, tse ka bang ntho leha e le efe e tswang ho batho ho ya diphoofolong tse ding, ho fepa esita le thepa ya polasi. Ditsebi tsa bophelo bo botle ba diphoofolo le bahlokomedi ba dikokwana-hloko ba ipeha kotsing e kgolo hobane ba atisa ho sebetsa le diphoofolo tse kulang mafapheng a fapaneng. Ka lehlohonolo ba tseba sena mme ba nka mehato ya ho fokotsa kotsing, ka mohlala ho fetola diphahlo ka mora ketelo e nngwe le e nngwe ya polasi.

Dikotsi tsa Botho

Dihwai tsa kgwebo di fokotsa kotsi ya hore batho ba kenyetse mafu mekgatlong ya bona ya tlhahiso ka ho ba le diterapa tse pota-potileng matlo a dikgoho. Batho ba batlang ho kena sebakeng seo ho hlahiswang ho sona ba lokela ho kena sebakeng sa kamohelo ho boloka tlaleho ya mekgatlo ka ntle le ka ntle ho mohaho le ho kgetholla mohlodi wa tshilafalo haeba ho hlaha tshwaetso.

Sebaka seo hangata se na le marang-rang ho ya sebakeng sa tlhahiso. Motho leha e le ofe ya kenang ka tlung ho tswa ka ntle, e be molemi, mosebetsing wa polasing kapa ngaka ya diphoofolo, o tlameha ho siya diaparo tsa "ka ntle" monyakong wa shawara. Jwale ba lokela ho nka shawara, ​​moo thaole, diaparo tse hlwekileng le dieta di setseng ho tsona ka lehlakoreng le leng la shawara.

Hangata basebetsi ba na le diaparo tsa bona, tse ka nnang tsa se ke tsa tloswa ka tlung. Batho ba ka nna ba tlameha ho hlatswa diaparo le ho fetola diphahlo nako le nako ha ba fallela setsing se fapaneng sa tlhahiso, ba ka nna ba hlokwa feela hore ba nke maoto a pakeng tsa di-unit, ho itshetlehile ka dikotsi.

Diaparo tse sebediswang ka hare ka mohaho di lokela ho hlatsuwa mme di nyanyatswe ka moriana o lwantshang dikokwan-hloko ho netefatsa hore lefu lena ha le amohelwe sebakeng seo. Ho bohlokwa hore motho e mong le e mong ya sebetsang polasing, a utlwisise kotsi eo ba e hlahisang le ho sebetsa hammoho ho fokotsa kotsi eo. Hangata mekgatlo ya baeti e itshetlehile ka dibaka tse itseng sebakeng sa tlhahiso.

Disebediswa tsa Temo, Dikoloi tsa Dipalangwang le Dijo

©Chris Daly

Tsela e tshwanang e lokela ho sebediswa ho eng kapa eng e fetiswang le polasing. Disebediswa tsohle tsa temo, phepo ya dikgoho le disebediswa tsa ho nwa, di lokela ho hlwekiswa sebakeng seo ho thibela ho hahwa ha dibaktheria le malwetse a tswang ho nonyana e nngwe ho ya ho e nngwe. Mme ntho e nngwe le e nngowe e nkilweng setsheng, e lokela ho ba le ho nyanyatswa ha sebolaya kokwana-hloko pele e dumellwa ho kgutlela setsheng.

E nngwe ya dikarolo tse boima ka ho fetisisa mona ke ho thibela dikoloi ho tlisa malwetse polasing. E le ho fokotsa kotsi ena, dikoloi dia silafatswa mme dia fuwa di nyanyatso tsa ho bolaya kokwana-hloko pele di dumellwa polasing mme mekgwa ya tsona e atisa ho behwa dibakeng tse itseng diforong.

Ho fepa ke dikotsi tse ding, kaha e ka nna ya eba le hlobo e ka hlahisang tjhefo. Ho fokotsa kotsi ena, dihwai di lokela ho etsa bonnete ba hore di fana ka dinonyana tsa tsona tse nang le phepo e nepahetseng.

Diphoofolo Tse Ding

Dinonyana di bolokilwe malapeng ho fokotsa ho kopana le diphoofolo tse ding, esita le dikgoho tse ding. Bahwai ba bangata ba sebedisa mekgwa ya ho tswa-hohle, eo dinonyana di kopantsweng ka yona ho ya ka dilemo ha di fihla polasing mme di boloka hammoho nakong ya potoloho yohle ya tlhahiso ho fihlela ba tloha polasing.

Mehaho e hlwekisitswe ka ho feletseng mme e etswa ka di nyanyatso tsa ho bolaya kokwana-hloko pele le ka morao sehlopha se phethile potoloho ya bona ya tlhahiso, ho thibela malwetse ho tloha ho sehlopha se seng ho ya ho se seng. Dinonyana tse kulang dia tloswa hang-hang mme dinonyana tse shweleng di patwa ho thibela ho ata ha malwetse.

Ho ikopanya le diphoofolo tse ding hape ho lokela ho qojwa ka hohle kamoo ho ka kgonehang. Dinonyana tse hlaha di kotsi haholo ha di ntse di tsejwa e le bajari ba Kokwana-hloko e matla ya avian influenza, eo hape e tsejwang e le feberu ya dinonyana. Lefu lena le bonwa e le e nngwe ya ditshwantsho tse kgolo tsa dikgoho lefatsheng mme tse ding tsa lefu lena le tsona di ka ama batho. Ho phatloha ha lefu lena ho entse hore ho be le dinonyana tse kgolo tsa dikgoho dinaheng tse fapa-fapaneng ho pota lefatshe. Makaka a dinonyana tse hlaha kapa dinonyana tse shweleng di ka boela tsa silafatsa metsi a nowang, e leng se ka nnang sa etsa hore malwetse a qhoma.

Ditadi le ditweba ke ntho e nngwe e amehileng haholo. Ntle le ho utswa dijo, ho ja le ho roba mahe le ho bolaya ditsuonyana tse nyane, di na le malwetse a sa tshwaneng hammoho le dikokwana-hloko tse kang dikgama, dikokonyana tse nyane tse kang dikgo le ditshintshi. Diroto di lokela ho tloswa dibakeng tsa tlhahiso ka ho fokotsa monyetla wa ho fumana mohaho le ho pata marang-rang le ho bulwa ka dintho tse sa kgoneng ho kgahlwa ke ditweba, tse kang lesela, thepa ya ho sebetsa kapa samente. Mananeo a ho tsoma kapa a ho tsoma a lokela ho sebediswa ho boloka baahi ba hlahloba.

Ditlhahiso Bakeng sa Tlhahiso ya Sechaba

Ho etsa dintho tse fokolang mofuteng mekgweng ya tlhahiso ya sechaba ha ho kgonehe ha dinonyana di dumellwa ho pota-potile motse ho ya batla dijo. Maemong a jwalo, beng ba dikgoho ba ka nna ba leka ho sebedisa disebediswa leha e le dife tse teng tseo ba ka di fumanang ho ba le mokwallo pakeng tsa dinonyana tsa bona le tse ding tse nang le malwetse.

Haeba ke ke ha kgoneha ho bopa mokwallo jwalo, bahwai ba dikgoho ba ka nna ba sebetsa hammoho ho etsa hore batho ba elellwe hore ba na le monyetla wa dikotsi ho lefu le sebetsang mmoho ya ho sireletsa dinonyana ka:

Ho tlosa dinonyana hore sheba jwalo ka ha ba ka nna ba kula ho tswa ho ba bang kaofela ya baahi ba na.
Ho lemosa dlitsebi tsa bophelo bo botle ba diphoofolo ha di lemoha malwetse ho netefatsa hore hase lefu le tebileng.
Ho tlosa le ho lahla diphoofolo tse shweleng pele di ka hlahisa tshoso ya bophelo bo botle.
Feela di reka dinonyana mehloding e hlomphehang.
Boloka dinonyana tse ncha di arohane le batho ba teng dibeke tse seng kae ho tiisa dinonyana tse ncha ha ho na le dikotsi tsa bophelo bo botle.
Boloka puisano pakeng tsa bareki le dinonyana ho fihlela bonyane, haholo-holo ha ho tsejwa hore bareki ba falla pakeng tsa dibaka tse sa tshwaneng ho reka dinonyana.

Translated by Bongani Matabane